Yare ha naha yohle ya Egepeta e kenwa ke tlala, setjhaba sa llela bohobe ho Faro; Faro a re ho Baegepeta kaofela: Eyang ho Josefa, le etseng seo a tlang ho le bolella sona.
Ba mo tsebisa, ba re: Josefa o sa phela, mme ebile ke yena molaodi wa lefatshe lohle la Egepeta. Empa pelo ya hae ya idibana, kahobane a sa kgolwe ke bona.
Mme jwale, hase lona le nthometseng kwano, ke Modimo; o mpeile hore ke be ntata Faro, le morena wa ntlo ya hae yohle, le mmusi wa naha yohle ya Egepeta.