Ba re ba ntse ba tsamaya, ba bua, babona koloi ya mollo le dipere tsa mollo, tsa ba arohanya ba babedi, mme Elia a nyolehela mahodimong ka setsokotsane.
Yaba Elisha o rapela, a re: Jehova, tutubolla mahlo a hae hle, a tle a bone. Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka, mme a bona thaba e tletse dipere le makoloi a mollo, a teetse Elisha hare ka nqa tsohle.
Haele ponahalo ya dibopuwa tse utlwang, ponahalo ya tsona e ne e ka mashala a mollo a hlenneng, leha e le jwaloka dirumula. Mollo oo o ne o tsamaya le dibopuwa tse utlwang; mollo oo o ne o benya, mme mollong ho ne ho etswa mahadima.