34 Nahano ya ka a e ke e o kgahlise. Ke tla etsa Jehova thabo ya ka.
34 Menahano ya ka e ke e mo kgahle; nna ke thabela Morena.
Isaaka o ne a tswetse naheng ho ya imamela haele mantsiboya, mme a emisa mahlo a hae, a tshoha a bona dikamele di etla.
empa a ithabela malaong wa Jehova, molao wa wona a o nahana motshehare le bosiu.
Ithoriseng ka lebitso la hae le halalelang; pelo tsa ba batlang Jehova a di ke di thabe!
Ke inketse dikeletso tsa hao, e be lefa la ka ka ho sa yeng kae, hobane di thabisa pelo ya ka.
Moya wa ka o boloka dikeletso tsa hao, ke di rata ka ho fetisisa.
Ithabiseng ka Jehova, le nyakalle ho yena, lona ba lokileng; mme le bine, lona bohle ba pelo tse lokileng!
Ke moo moya wa ka o tla hlasimolohela ho Jehova, o thabele poloko ya hae.
ke tla bolela mesebetsi ya hao kaofela, ke qaqisetse diketso tsa hao.
Ke tla thaba, ke nyakallele wena. Ke tla binela lebitso la hao, Mookamedi ya phahameng!
Tsebo ya bohlale e tla ba jwalo ho moya wa hao. Ekare ha o bo fumana, moputso o tla ba teng, mme tshepo ya hao e ke ke ya timela.
moya wa ka o inyakalletse ho Modimo, Mmoloki wa me;
Ithabeleng Moreneng kamehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.
Ka nka bukana letsohong la lengeloi, mme ka e metsa; mme ya eba monate molomong wa ka jwaloka dinotshi; empa, ha ke se ke e metsitse, mpa ya ka ya baba.