Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 104:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 O tadima lefatshe, le thothomele; o ama dithaba, di thunye mosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 yena eo ereng ha a tadima lefatshe, lefatshe le thothomele, ha a ama dithaba di foqohe mosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 104:32
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wena lefatshe, o ke o thothomele pela sefahleho sa Morena, pela sefahleho sa Modimo wa Jakobo,


Jehova, sekamisa mahodimo a hao, o theohe; o ame dithaba, di kubelle!


o a tla, Modimo wa rona, o ke ke wa kgutsa; o etellwa pele ke mollo o timeletsang, o teetswe hare ke sefefo se tshabehang.


Metsi a o bone, Modimo, metsi a o bone, mme a reketla; madiba le wona a tsukutleha.


Wa iketsetsa tsela lewatleng, mmila metsing a maholo, mehlala ya hao ha e a ka ya tsejwa.


Thaba ya Sinai e ne e kubella mosi kahohle hobane Jehova o ne a theohetse ho yona a le mollong; mosi wa yona wa lopallela hodimo jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba kaofela ya reketla haholo.


Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.


Ka baka la tseo, na lefatshe le ke ke la sisinyeha, ho swabe bohle ba ahileng ho lona? Na le ke ke la phahama kaofela ha lona, jwaloka noka, la phahama, la ntoo kokobela jwaloka noka ya Egepeta?


Dithaba di a o bona, mme di a meneka; ho feta sekgohola sa metsi; bodiba bo phahamisa lentswe la bona, bo emisetsa matsoho a bona hodimo.


Mme ba pheta ba re: Alleluya! Mosi wa sona o nyoloha kamehla le mehla.


Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ