Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 104:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ha o boela o romela moya wa hao, di boele di tswalwe; mme o ntjhafatse tshobotsi ya lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Ha o romela moya wa hao, di a hloleha, mme o ntjhafatse tshobotsi ya lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 104:30
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

eo meya ya tse phelang kaofela e leng letsohong la hae, le phefumoloho ya batho bohle?


Pudulo ya wona e edisa mahodimo; letsoho la wona le hlaba drakone e lebelo. Bonang, tseo ke bokantle ba ditsela tsa wona;


Moya wa Modimo o nkentse, pudulo ya Ya matla wohle e a mphedisa.


Mahodimo a entswe ke lentswe la Jehova, le makgotla wohle a wona ke pudulo ya molomo wa hae.


Hobane bonang, ke ya bopa mahodimo a matjha le lefatshe le letjha; tse fetileng ha di sa tla hlola di hopolwa, di ke ke tsa kgutlela mehopolong.


Hobane jwalokaha mahodimo a matjha, le lefatshe le letjha leo ke seng ke tla le bopa, a tla hlola a le teng pela ka, ho bolela Jehova, leloko la lona le lebitso la lona le tla nne le be teng pela ka.


Morena Jehova o re ho masapo ao: Bonang, ke tla kenya moya ka ho lona, le tle le tsohe;


ke le apese ka mesifa, le ho medisa nama ho lona, le ho le apesa ka letlalo, le ho kenya moya ho lona, le tle le tsohe; mme le tla tseba hoba ke nna Jehova.


Yaba o re ho nna: Porofetela moya, o porofete, mora motho; ere ho moya: Morena Jehova o re: Moya, tswa meyeng e mene, o budulele ditopo tsena, hore di phele.


O le tsositse jwalo le lona le neng le shwele melatong ya lona le dibeng tsa lona;


e seng ka mesebetsi e lokileng e entsweng ke rona, empa e bile ka lereko la wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa la bobedi, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang,


Jwale ya dutseng teroneng, a re: Bonang, ntho tsohle ke di etsa tse ntjha. A ntoo re ho nna: Ngola; hobane dipolelo tseo di tiile; ke tsa nnete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ