Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 104:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Boka Jehova, moya wa ka! Jehova, Modimo wa ka, o moholo haholo, o apere kganya le bokgabane!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Boka Morena, wena moya wa ka. Morena Modimo wa ka, o moholo hakaakang! O apere tlotla le botlotlehi,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 104:1
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bokang Jehova, lona mesebetsi ya hae kaofela, nqalong tsohle tsa borena ba hae! Moya wa ka, o boke Jehova!


Baetsadibe a ba ke ba timelle lefatsheng, ba babe ba lese ho ba teng! Boka Jehova, moya wa ka! Bokang Jehova!


Jehova o moholo, o lokelwa ke dithoko tsohle, boholo ba hae ha bo na ho lekanngwa.


Jehova, Modimo wa ka, ke balehela ho wena; o mpoloke ho bohle ba ntlhorisang, mme o ntokolle;


Jehova o a busa, o apere bokgabane; matla ke seaparo sa Jehova le senyepa sa hae; ka baka leo, lefatshe le tiile, le ke ke la sisinyeha.


Hobane Jehova ke Modimo o moholo, ke Morena e moholo ya fetang medimo yohle;


Kganya le letlotlo di pela hae, matla le botle di sehalalelong sa hae.


O apere dihlomo tsa hae; ho loka ke tshireletso ya sefuba sa hae; hloohong o rwetse heleme ya poloko; phetetso yona ke seaparo sa hae; poulelo yona ke kobo eo a ipopileng ka yona.


Na motho a ka ya a pateha sephiring, hore ke se ke ka mmona, ho bolela Jehova? Ha ke re, mahodimo le lefatshe a tletse nna, ho bolela Jehova?


Ka tadima ho fihlela diterone di ba di bewa, mme Moholo wa matsatsi a dula; seaparo sa hae se ne se le sesweu jwaloka lehlwa, moriri wa hlooho ya hae o ne o le mosweu jwaloka boya ba nku bo hlatswehileng; terone ya hae e ne e tswa malakabe a mollo, le mabidi a yona a ne a le jwaloka mollo o tukang.


Ka etsa thapelo ya ka ho Jehova, Modimo wa ka, ka bolela melato ya rona, ka re: Oho, Morena, Modimo o moholo, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau ho ba o ratang, ba yang ka melao ya hao,


Na ha o hlolehe tshimolohong, haesale, wena Jehova, Modimo wa ka, Mohalaledi wa ka? Re ke ke ra shwa? Jehova, setjhaba seo o se beetse ho ahlola; wena Lefika, o se lokiseditse ho kgalemela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ