6 Jehova o lokisetsa, o ahlolela bohle ba hatakelwang.
6 Morena o sebetsa ka ho loka, o ahlolela bohle ba hateletsweng.
hobane o eme lehlakoreng le letona la ya lesitsi, o mo lopolla ho ba mo tswileng.
Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.
O ahlolela ba tujwang, o fa ya lapileng bohobe. Jehova o lokolla batshwaruwa;
Masapo a ka kaofela a tla re: Jehova, ke mang ya jwaloka wena; ya ka bolokang ya madimabe ho ba mo hlolang ka matla, ya madimabe le mofumanehi ho batlatlapi ba bona?
Hobane o tla boloka ya lesitsi ha a howa, le ya madimabe ya hlokang mothusi;
O tla ahlolela ba madimabe ba setjhaba, a thuse bana ba ya lesitsi, mme a hatakele batubi.
Jehova ke setshabelo ho ya tujwang, setshabelo sa hae mehleng ya matswalo.
Ya tubang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae; empa ya molemo ho mofumanehi o a mo rorisa.
O se ke wa suthisa mokolokotwane wa kgale, o se ke wa kena tshimong ya dikgutsana;
Ha hao, batho ba rohaka bontata bona le bomma bona; ha hao, moditjhaba o a tujwa; ha hao, kgutsana le mosadi wa mohlolohadi ba hatakelwa.
Mohlanka a re: Morena, ho se ho entswe kamoo o laetseng kateng, empa sebaka se sa le teng.
Athe lona le nyedisitse mofumanehi! Na hase barui ba le hlorisang, ba le hulelang kgotla na?