Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 103:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 O kgorisa molomo wa hao ka tse molemo, mme botjha ba hao bo ntjhafala jwaloka ntsu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Ke yena ya o fepang tse molemo bophelong bohle ba hao, hore o boele o ntjhafale, o ntjhafale jwaloka ntsu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 103:5
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke ha nama ya hae e se e ntjhafala ho fetisa bonyenyaneng ba hae; o kgutlela matsatsing a botjha ba hae.


Ha o di fa, di a thola; ha o fuparolla seatla, eba di kgora menono.


hobane o kgodisitse moya o nyorilweng, mme a sitsa moya o lapileng ka menono.


O teka tafole pela ka, pontsheng ya dira tsa ka; o tlotsitse hlooho ya ka ka ole, mohope wa ka o a kgaphatseha.


Moya wa ka o tla kgora jwaloka hoja ke jele moko le mafura, mme ka lentswe la nyakallo molomo wa ka o tla o roka.


Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, eo o mo atametsang pela hao, a tle a ikahele mabaleng a hao. Re tla kgora tse monate tsa ntlo ya hao, tsa tempele ya bokgethehi ba hao!


Empa ba itshepelang Jehova ba bona matla a matjha, ba fofa jwaloka ntsu, ba matha, mme ha ba kgathale; ba tsamaya, mme ha ba fokole.


Etlaba moo ke busetsang masimo a hae a morara ho yena, ke mo nee kgohlo ya Akore (moferefere) ho ba kgoro ya tshepo; teng o tla nkananela jwaloka mehleng ya botjha ba hae, jwaloka mohla a tswang lefatsheng la Egepeta.


Ka baka leo, ha re tepelle; empa leha motho wa rona wa kantle a ntse a senyeha, motho wa kahare, yena, o ntse a ntjhafala ka letsatsi le letsatsi.


Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.


Leha ho le jwalo, ke sa le matla le kajeno, jwaloka mohla Moshe a nthomang; jwalokaha matla a ka a ne a le jwalo mohlang oo, le kajeno matla a ka a ho lwana a ntse a le teng, a ho futuha le a ho boya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ