Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 103:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O lopolla bophelo ba hao lebitleng, o o rwesa lereko le mehauhelo hloohong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Ke yena ya o lopollang lebitleng, ke yena ya o qhakang ka mohau, ya o qhakang le ka lerato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 103:4
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e leng lengeloi le nnamoletseng bobeng bohle, o hlohonolofatse bahlankana bana; ba rewe lebitso la ka, le mabitso a bontate Abrahama le Isaaka, mme ba anafale haholoholo lefatsheng.


Jwalokaha botjhabela bo le hole le bophirimela, o lahlela makgopo a rona jwalo hole le rona.


O mo rakile ka mahlohonolo a molemo, o mo rwesitse moqhaka wa kgauta e tshekehileng hloohong.


Jehova o lopolla bophelo ba bahlanka ba hae; bohle ba mo tshepang ba ke ke ba tsuwa.


Hobane wena, Jehova, o hlohonolofatsa ya lokileng, ka mohau wa hao o mo sireletsa ka mokgwa wa thebe.


Hobane o lwetse bophelo ba ka lefung, o bolokile maoto a ka ho weng, ke tle ke tsamaye pela hao, Modimo, leseding la ba utlwang.


O rwesa selemo molemo wa hao, nala e latela mehlala ya hao;


Nyakallo e tla be melomong ya ka, ha ke bina dithoko tsa hao, e tla ba le moyeng wa ka oo o o lopolotseng;


O mo entse ya tlasana ho Modimo, o mo rwesitse kganya le boholo;


Bona, mahlomola a ka a mphetohetse poloko, o ithatetse ho ntsha moya wa ka lebitleng la ho fela; hobane o lahletse dibe tsa ka kaofela kamora hao.


Ke na be ke o patetse sefahleho sa ka ka motsotso mehleng ya kgalefo, empa ke tla o hauhela ka mohau o sa feleng, ho bolela Jehova, Molopolli wa hao.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko; hobane etlare hobane a hlole moleko, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Morena a o baletseng ba mo ratang.


Mme mohla modisa e moholo a hlahang, le tla nka moqhaka wa kganya, o sa boleng.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ