Empa Esekiase ha a ka a busetsa ho Modimo ho lekanang le tshitso e mo tletseng, hobane pelo ya hae e kile ya ikakasa; yaba Jehova o a mo halefela, yena, le Juda, le Jerusalema.
Bontata rona ha ba ka ba nahana mehlolo ya hao Egepeta, ha ba ka ba elellwa bongata ba mehauhelo ya hao, ba mpa ba ikgantsha pela lewatle, Lewatle le Lefubedu.
Ke mang eo ya tlohang Edomo, ya tswang Botsra, ka diaparo tse takilweng ka bofubedu, ya kganyang ka kobo ya hae, ya tsamayang ka boholo ba matla a hae? Ke nna ke bolelang ho loka, ke nang le matla wohle a ho boloka.
Ke tla bina mehauhelo ya Jehova le dithoko tsa Jehova hodima tsohle tseo Jehova a di entseng bakeng sa rona, le hodima lereko le leholo leo a rekolohetseng ntlo ya Iseraele ka lona, leo a ba etseditseng lona ka mohau wa hae le ka boholo ba mehauhelo ya hae.
Setjhaba se se nang kelello, se hlokang bohlale, na ke hona hoo le putsang Jehova ka hona na? Na hase yena ntatao, ya o ruileng, ya o entseng, ya o tiisitseng na?