14 Hobane o tsebisisa ho bopjwa ha rona, o elellwa hoba re lerole feela.
14 Ke hobane yena o tseba seo re bopilweng ka sona, ha a lebale hore re lerole feela.
Jehova Modimo a bopa motho ka lerole la lefatshe, mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya ho phela, mme motho ya eba moya o phelang.
O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung oo o ntshitsweng ho wona; hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.
Elellwa hle hobane o mpopile jwaloka letsopa; mme o re, ke kgutlele leroleng?
Na o rata ho roba lehlaku le fefolwang, leha e le ho phallela mooko o omeletseng na?
Ha o ntshwarele tshito ya ka keng, wa tlosa bokgopo ba ka na? Hobane ke se ke ya robala leroleng; o tla mpatla, mme ke tla ba siyo.
Hopola hore bophelo ba ka bo bokgutshwanyane, le hore bana bohle ba batho o ba bopetse lefeela!
lerole le eso ho kgutlele leroleng, moo le tswileng teng, moya o eso ho kgutlele ho Modimo o neng o o nee.
Jo! bothoto ba lona. A letsopa le ka lekanngwa le mmopi wa lona na? A mosebetsi o ka latola moetsi wa wona, ka ho re: Hase yena ya nkentseng, na? Kapa ntho e betlilweng e ka nyatsa mmetli wa yona ka ho re: Ha a na bohlale, na?