Ka ba ka lla jwaloka moholodi le lefokotsane, ka bohola jwaloka leebakgorwana; mahlo a ka a kgathala ke ho lelala hodimo! Jehova, ke matswalong, o mpoloke!
Mehlape e tla botha teng, e leng dihlopha tsa diphoofolo tsa mefutafuta. Le wona moholodi le hlong di tla robala hodima dihlooho tsa ditshiya tsa teng; ho utlwahala nonyana e letsang molodi sefensetereng; monyako ke diqubu tsa ntho tse helehileng, hobane Jehova o beile mamati a dikedare pontsheng.
La howa ka lentswe le phahameng, le phepa, la re: O wele, o wele, Babilona e moholo! o fetohile moaho wa batemona, letsaba la meya yohle e ditshila, le letsaba la dinonyana tsohle tse sa hlwekang, tse ilwang!