22 mohla ho kopanang ditjhaba kaofela le yona mebuso, ho tla sebeletsa Jehova.
22 Jwale lebitso la Morena le tla bolelwa Sione, dithoko tsa hae Jerusalema,
Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.
Dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla hopola Jehova, di sokolohele ho yena, mefuta yohle ya ditjhaba e tla kgumama pela hao;
Utlwa dibohodi tsa hao! Di phahamisa lentswe, di etsa mohoo wa nyakallo hammoho, hobane di bona ka mahlo kamoo Jehova a kgutlelang Sione kateng.
Dumisang ditlatse hammoho le nyakallo, lona masupi a Jerusalema, hobane Jehova o hauhetse setjhaba sa hae, o lopolotse Jerusalema.
Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e tle e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.
ka matla a mehlolo le a meeka, le ka matla a Moya wa Modimo; ke bile ka hasa Evangeli ya Kreste, ho qala ka Jerusalema le mathoko a yona ho ya qetella ka Iliria.