Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 102:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hobane bahlanka ba hao ba rata majwe a Sione, ba utlwela lerole la hae bohloko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ako tsohe, o utlwele Sione bohloko; ke nako jwale ya ho e hauhela, motsotso o fihlile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 102:14
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba dihlooho tsa matlo a bontata Juda le Benjamine, le baprista le Balevi, hammoho le bohle bao dipelo tsa bona di susumedistweng ke Jehova, ba tloha ho ya haha ntlo ya Jehova ya Jerusalema.


Ho bokwe Jehova, Modimo wa bontata rona, ya beileng taba tse kalo, pelong ya morena tsa hore ho kgabiswe ntlo ya Jehova ya Jerusalema,


ba re ho nna: Masala a setseng a kgoleho, a ahileng naheng yane, a mahlomoleng a maholo le sekgobong; lerako la Jerusalema le ntse le le dikgeo, le mamati a teng a dutse a tjhele ke mollo.


Yaba ke re ho bona: Le bona tsietsi eo re leng ho yona, kamoo Jerusalema a senyehileng kateng, le kamoo mamati a teng a dutseng a tjhele kateng. Tloong, ha re tsoseng lerako la Jerusalema, re tle re se hlole sekgobong.


Ka re ho morena: Morena a ne a phele ka ho sa feleng! Na nka tlohela ho sosobana sefahleho jwang, haele mona motse wa mabitla a bontate o senyehile, mme mamati a wona a dutse a tjhele?


Bajuda ba re: Matla a bajari a fokotse, athe marole a mangata; re fela re tla sitwa ho phetha lerako!


Yaba o bua pela banababo le pela bahlabani ba Samaria, a re: Bajuda bano ba fokolang ba etsa eng? Na ba haha qhobosheane na? Na ba tla hlaba mahlabelo na? Na ba tla phetha jwale na? Na ba tla phedisa majwe ka ho a ntsha diqubung tseno tsa marole, haele moo a tjhele?


Ra tsosa lerako jwalo, mme lerako lohle la kopanngwa ho isa bohareng ba lona; haele setjhaba, se ne se rata ho sebetsa.


E se e le nako ya hao ya ho sebetsa, Jehova, hobane ba fedisitse molao wa hao.


Oho Modimo, bahedene ba kene lefeng la hao, ba silafaditse tempele ya hao e halalelang, ba entse Jerusalema dithako.


Hobane Jehova o tla hauhela Jakobo, o sa tla be a ikgethele Iseraele, a ba ahise lefatsheng la bona; baditjhaba ba tla kopana le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.


Bolellang Jerusalema tse kgodisang pelo ya hae, le mo howeletse hore kgoleho ya hae e fedile, molato wa hae o lefilwe, le hoba o amohetse letsohong la Jehova habedi ho lekanang le dibe tsa hae kaofela!


Ka mokgwa o jwalo, Jehova o utlwetse Sione bohloko, o utlwetse nqalo tsohle tsa hae tse senyehileng bohloko; o fetotse nahathothe ya hae ya eba jwaloka Edene, le naha ya hae e omeletseng o e entse serapa sa Jehova. Thabo le nyakallo di fumanwa teng, ka difela le dipina.


Hobane ho itswe ke Jehova: Dilemo tse mashome a supileng etlare ha di se di phethehile bakeng sa Babilona, ke tla le hopola, ke le etsetse ka mantswe a ka a molemo, ke le busetse nqalong ena.


Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgutlisa ba hapilweng ba ditente tsa Jakobo, ke utlwele meaho ya hae bohloko; motse o tla tsosoloswa setsheng sa wona, ntlo e kgabileng e hahuwe tulong tsa yona.


Oho Morena, ka ho loka ha hao hohle, ako kgelose bohale ba hao le kgalefo ya hao motseng wa hao, Jerusalema, e leng thaba ya hao e kgethehileng! Hobane ke ka baka la dibe tsa rona le la makgopo a bontata rona Jerusalema le setjhaba sa hao di entsweng sekgobo ho bohle ba re kopileng.


Naomi a tloha a ena le dingwetsi tsa hae, a tle a kgutle naheng ya Moabe; hobane o ne a utlwile naheng ya Moabe hobane Jehova o etetse setjhaba sa hae, o bile o se file dijo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ