Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 100:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Kenang dikgorong tsa hae ka diteboho, le mabaleng a hae ka dithoko! Mo leboheng, le rorise lebitso la hae!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Kenang dikgorong tsa hae le ntse le mmoka, le mabaleng a hae le ntse le mo rorisa; mo leboheng, le boke lebitso la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 100:4
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme jwale, Modimo wa rona, re a o boka, re rorisa lebitso la hao le kganyang.


Davida a boela a re ho phutheho kaofela: Jwale, bokang Jehova, Modimo wa lona! Ebile moo phutheho yohle e bokang Jehova, Modimo wa bontata bona; ba inama, ba kgumama pela Jehova le pela morena.


Maoto a rona a eme dikgorong tsa hao, Jerusalema.


Ke moo ho nyolohelang meloko, meloko ya Jehova, ka taelo e neilweng Iseraele, ho roka lebitso la Jehova.


Modimo, boimamelo le hlompho di teng pela hao, Sione! Dikano di phethelwa wena!


Ke tla kena ka tlung ya hao ka ditjheso, ke o lefele dikano tsa ka tse tswileng melomong ya ka,


Re itlhahiseng ho yena ka dithoko, re utlwahatse ditlatse tsa rona ka difela pela hae.


Binelang Jehova, le rorise lebitso la hae, le bolele poloko ya hae ka matsatsitsatsi.


Busetsang ho Jehova kganya e tshwanelang lebitso la hae; tlisang dinyehelo, le kene mabaleng a hae!


A ba ke ba rorise lebitso la hao le leholo, le tshabehang, hobane le a halalela.


Ba lopolotsweng ke Jehova ba tla kgutla, ba boele Sione ka difela tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng hloohong; lehlohonolo le thabo di tla tla ho ba kgahlanyetsa, bohloko le masisapelo di balehe.


Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ