Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 100:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Phahamisetsang ho Jehova mehoo ya lona ya thabo, lona kaofela ba lefatsheng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Pesalema ya teboho. Lona ba lefatshe lohle etsetsang Morena mehoo ya thabo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 100:1
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla o hodisa, Modimo wa ka, Morena wa ka! ke tla boka lebitso la hao kamehla le ka ho sa yeng kae.


Ithabiseng ka Jehova, le nyakalle ho yena, lona ba lokileng; mme le bine, lona bohle ba pelo tse lokileng!


Lona ditjhaba kaofela, opang ka diatla! Hlasimolohelang Modimo ka dipina tsa nyakallo!


Modimo o nyoloha ka mehoo ya thabo, Jehova o phahama ka modumo wa terompeta.


Phahamisetsang ho Modimo mehoo ya thabo, lona mafatshe wohle!


lefatshe lohle le tla o kgumamela, le o binele, le hodise lebitso la hao! (Sela.)


Ditjhaba di ke di nyakalle, di bine difela tsa thabo; hobane o tla ahlola ditjhaba ka ho loka, o tsamaise ditjhaba lefatsheng. (Sela.)


Mebuso ya lefatshe, phahamisetsang ho Modimo difela tsa lona; le binele Morena dipesaleme! (Sela.)


Lona, mafatshe kaofela, phahamisetsang ho Jehova mehoo ya thabo ya lona! Tshelang ditlatse tsa lona, le mo binele difela tsa nyakallo!


Duduetsa ka thabo, moradi wa Sione! Iseraele, o hlabe ditlatse! O thabe, o be o nyakalle ka pelo yohle, wena moradi wa Jerusalema!


Jehova e tla ba morena wa lefatshe lohle. Ka tsatsi leo, Jehova o tla ba mong, lebitso la hae le be leng.


Ha a se a atametse motheo wa thaba ya Mehlwaare, bongata jwa barutuwa kaofela ba qala ho thaba, ba boka Modimo ka mantswe a maholo, ka baka la mehlolo yohle eo ba e boneng;


Ho itswe hape: Lona, baditjhaba, le nyakalle le setjhaba sa wona.


Etsang ditlatse tsa thabo, lona ditjhaba, hammoho le setjhaba sa hae; hobane o ya pheteletsa madi a bahlanka ba hae, a itefetse ho dira tsa hae; mme o tla etsetsa lefatshe la hae le setjhaba sa hae pheko.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ