Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 10:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O nanara ka sephiring jwaloka tau letsabeng la yona; o laletse ho tshwara ya madimabe; o tshwara ya madimabe, o mo hulanya letloweng la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 o lalla jwaloka tau e bothile selaong sa yona; o lalla jwalo hore a tle a qhautse mohlophehi, a mo qhautse ka ho mo tshwasa ka leraba la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 10:9
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha di bothile matsabeng a tsona, leha di laletse hara dihlahla?


hobane o eme lehlakoreng le letona la ya lesitsi, o mo lopolla ho ba mo tswileng.


Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.


Baikakasi ba mpatetse mamena le maraba, ba tjheha difi mosikong wa tsela, ba ntjhehetse mamena. (Sela.)


ba jwaloka tau e lakatsang ho harola, le jwaloka tawana e laletseng letsabeng la yona.


Masapo a ka kaofela a tla re: Jehova, ke mang ya jwaloka wena; ya ka bolokang ya madimabe ho ba mo hlolang ka matla, ya madimabe le mofumanehi ho batlatlapi ba bona?


Ba bolotsana ba tsomotse marumo, ba tjhehile diqha ho diha mohlomohi le mofumanehi, ho bolaya ba metsamao e lokileng;


Bona, ba tjhehetse bophelo ba ka maraba, Jehova; banna ba bohale ba nkopanetse, ke se na molato, leha e le sebe.


Ya tubang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae; empa ya molemo ho mofumanehi o a mo rorisa.


Ya tubang mofutsana ho eketsa leruo la hae, mme a fana le barui, o tla wela bofumeng ruri.


Morena ya lonya ya busang setjhaba se fumanehileng, ke tau e purumang, ke bere e lapileng.


Le reng ha le hlorisa setjhaba sa ka, leha le pitla difahleho tsa basenyehi? ho botsa Morena, Jehova wa makgotla.


Haele mothetsi, dibetsa tsa hae ke tsa bolotsana, o loha mano ho timetsa mosenyehi ka dipolelo tsa leshano, leha taba tsa mohloki e le tse lokileng.


Hobane ba babe ba teng setjhabeng sa ka, ba nanarelang jwalokaha ho kgukgunela batshwasi ba dinonyana; ba tjheha sefi, ba tshwasa batho.


Ho nna ke bere e ntaletseng, ke tau e letsabeng.


Haele setjhaba sa lefatshe lena, se etsa botubo, se ineela kutso; ba tuba mosenyehi le mofutsana, ba tuba moditjhaba ho se tokelo.


Na tau e rora morung, ho se seo e ka se harolang? Na tawana e utlwahatsa lentswe la yona lehaheng la yona, e sa tshwara letho na?


Motho ya bokgabane o timetse lefatsheng, ha ho sa le ya lokileng hara batho. Bohle ba lalla hore ba tsholle madi, e mong le e mong o tsoma ngwanabo ka leraba.


O ba nyolla kaofela ka selope; o ba hula ka letanta la hae, a be a ba bokelle ka letlowa la hae; ebe hona a thabang, a nyakallang;


Ka dibetsa tsa hao, o hlaba hlooho tsa bahlabani ba hae, ba tlang jwaloka sefefo ho tla re hasanya, ba bileng ba nyakalla jwaloka hoja eka ba se ba ya ja mafutsana sephiring.


Ho utlwahala dillo tsa badisa, hobane kganya ya bona e sentswe; ho utlwahala ho rora ha ditawana, hobane mahlaka a Jordane a sentswe.


Empa ya ruilweng, eo e seng modisa, eo dinku e seng tsa hae ka sebele, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, o a baleha; mme phiri e tshwara dinku, e a di hasanya.


Empa wena, o se ke wa ba dumela; hobane banna ba fetang mashome a mane ba mo laletse, ba ikanne ka ho hlapanya hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso ho mmolaye; le jwale, ba se ba itokisitse, ba lebeletse karabo ya hao feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ