Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 10:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 O laletse pela metsana; o bolaya ya se nang molato nqalong tse sephiring; mahlo a hae a lalla ya madimabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 O dula a laletse pela metsana, o bolaya ba se nang molato, o ba bolaya a ipatile. Ka mahlo o tsoma ba tsielehileng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 10:8
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, Manasse a tsholla madi a mangata a se nang molato, a tlatsa Jerusalema ka wona kahohle; ho sa bolelwe sebe sa hae seo a sebesitseng Juda ka sona, kamoo a nnileng a etsa kateng, ho leng hobe mahlong a Jehova.


Mmolai o tsoha e sa le ka meso, o bolaya mofutsana le mohloki; bosiu o a utswa.


Ba teetse metsamao ya rona hare, ba hlwela ka mahlo ho re dihela fatshe;


ba bolaya mohlolohadi le moditjhaba; ba timetsa dikgutsana;


Moetsadibe, o se ke wa tjhekela ntlo ya ya lokileng mamena, o se ke wa senya moo a phomolang teng.


Kanthe wena, ha o na mahlo leha e le pelo, haese ya ho ikgahatlella le ho tsholla madi a se nang molato, le ho sebetsa botubo le ho tsohela batho matla.


Ka dibetsa tsa hao, o hlaba hlooho tsa bahlabani ba hae, ba tlang jwaloka sefefo ho tla re hasanya, ba bileng ba nyakalla jwaloka hoja eka ba se ba ya ja mafutsana sephiring.


Kamora taba tseo, Morena a boela a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle, le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng.


Kamora tseo, a nna a ya le metse le metsana, a ntse a ruta, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo; ba leshome le metso e mmedi ba ya le yena.


Beng ba Sikeme ba bea batho ho lalla diqhoweng tsa dithaba, mme ba hlakola dintho tsa bohle ba fetang ka tsela e pela bona; mme Abimeleke a tsebiswa.


Ebile morena o re ho Doege: Ema wena, o bolaye baprista. Yaba Moedomo Doege o tsoha, a bolaya baprista, a timetsa ka lona tsatsi leo batho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano, ba apereng efoda ya lene.


Bonang ke hona, le tsebe sephiri seo a ipatang ho sona, le ntoo boya le tsebile, ke tle ke ye le lona; etlare ha a dutse lefatsheng lena, ke tla nne ke mmatle, ke be ke qete dikete tsohle tsa Juda.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ