Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 10:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Pelong ya hae o re: Modimo o a lebala, o patile sefahleho sa wona, ha o tadime le ka mohla o le mong!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ka pelong ya kgopo o re: “Modimo o a lebala, o ipatile sefahleho, a ke ke a bona letho le kgale.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 10:11
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pelong ya hae o re: Nke ke ka sisinngwa ke letho le ka mohla o le mong; ke itshireleditse ditsietsi.


Empa wena, Jehova, o a ba tsheha, o soma ka ditjhaba kaofela.


Ba pheheletse ho etsa hampe, ba rera hammoho ho pata maraba, ba re: Ke mang ya tla a bona?


Ba qapa tsa bolotsana, ba re: Re itokisitse, mano a lohilwe! Ba pata mehopolo ya dipelo tsa bona.


se re: Na Modimo o ka tseba jwang? Mookamedi ya phahameng a ka ba le tsebo jwang?


ba ntoo re: Jehova ha a bone; Modimo wa Jakobo ha o lemohe!


Erekaha kahlolo e ahlolang mesebetsi yohle e kgopo e sa phakise ho etsahala, kahoo pelo tsa bana ba batho di ntse di tlala takatso ya ho etsa hampe.


A re ho nna: Mora motho, na o bone seo baholo ba ntlo ya Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong phaposing ya ditshwantsho tsa hae? Hobane ba re: Jehova ha a re bone, Jehova o furaletse lefatshe lena.


A re ho nna: Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ya Juda bo boholo haholoholo, lefatshe le tletse madi a tsholotsweng, mme motse o tletse lonya, hobane ba re: Jehova o furaletse lefatshe lena, Jehova ha a bone.


Pelong tsa bona ha ba bolele hore ke hopotse bolotsana ba bona. Jwale, diketso tsa bona di ba teetse hare, di pela sefahleho sa ka.


Bangodi ba bang ba ne ba dutse moo, ba nyatsa ka dipelong tsa bona, ba re:


Yaba mofarisi ya neng a mmitsitse, ha a bona hoo, o ipuella, a re: Motho enwa, hoja ke moporofeta, a ka be a tseba mosadi eo, ya mo amang, hoba ke mang, le hoba ke ya jwang; hobane ke moetsadibe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ