Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 1:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hobane Jehova o tseba tsela ya ba lokileng, empa tsela ya bakgopo e fella tshenyehong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 hobane Morena o tseba tsela ya ba lokileng, athe tsela ya ba kgopo e isa timelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 1:6
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Athe o tseba tsela ya ka; le hoja o ka nteka, ke ne ke tla tswa ke hlwekile jwaloka kgauta.


E mobe o tla bona hoo, a hlokofale ke hona; o tla tsikitlanya meno, a omelle. Ditakatso tsa ba babe di tla etswa lefeela.


Yare ha moya wa ka o tepella ka ho nna, o tseba tsela ya ka. Ba ntjhehela mamena tseleng eo ke tsamayang ho yona.


Tadima ka ho le letona, mme o ele hloko; ha ke na motho ya ntsebang, ha ho moo nka balehelang teng, ha ho motho ya ntlhokomelang.


Jehova o sireletsa baditjhaba, o emisa kgutsana le mohlolohadi; empa o kgelosa tsela ya ba bolotsana.


Ditshenyo tsa dira tsa ka di fedile ka ho sa feleng. O sentse metse ya bona, lebitso la bona le fedile hammoho le bona.


Mohlomong, ho motho, tsela e nngwe e bonahala e ntse eka e lokile, athe bofello ba yona bo isa lefung.


Tsela ya e mobe ke manyala ho Jehova; empa o rata ya phehellang ho loka.


Jehova o molemo; ke setshabelo tshiung ya tlokotsi, o tseba ba mo tshepileng.


Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako wa timelo o hebehebe, le tsela e yang teng e phatlaletse, mme ba kenang teng ba bangata.


Ke nna modisa ya molemo, ke tseba dinku tsa ka, le dinku tsa ka di a ntseba.


Dinku tsa ka di utlwa lentswe la ka; ke a di tseba, mme di a ntatela.


Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong.


Empa bao, ba leng jwaloka diphoofolo tse se nang kelello, tse nang le bophelo ba nama feela, tse hlahileng hore di tshwarwe mme di hlajwe, ha ba ntse ba nyefola tabeng tseo ba sa di tsebeng, ba tla timela ho boleng ha bona, ba inkele moputso wa bokgopo jwa bona.


O tla tiisa maoto a ba mo ratang, bakgopo bona ba tla kgutsiswa lefifing; hobane ha ho motho ya ka hlolang ka matla a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ