Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 9:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A re: O mang, Morena? Morena a re: Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang; ho thata ho wena ho raha ditsenene.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 A botsa, a re: “O mang, Morena?” Lentswe la re: “Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 A re: O mang, Morena? Morena a re: Ke nna Jesu eo o mo hlorisang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 A re: O mang, Morena? Morena a re: Ke nna Jesu eo o mo hlorisang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 9:5
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kelellong o bohlale, matleng o matla ho fetisa; ke mang ya ka hanyetsanang le wona, a pholoha?


Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!


Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae; athe ke lengeta hara mangeta a mang a letsopa! Na letsopa le ka re ho ya le bopang: O etsang na? Kapa mosebetsi wa hao o ka bua bakeng sa hao, wa re: Ha o na matsoho na?


Empa Petrose a re: Ho se be jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.


Yaba re wela fatshe kaofela, mme ka utlwa lentswe le re ho nna, ka puo ya Seheberu: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na? Ho thata ho wena ho raha ditsenene.


Haele nna, efela ke ne ke lekantse hore ke tshwanetse ho etsa ho hongata ho lwantsha lebitso la Jesu wa Nasaretha ka hona.


Empa haeba o tswa ho Modimo, le ke ke la ba la o fedisa; mme le iponele, esere mohlomong la fumanwa le lwantshitse Modimo.


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?


A re ka tshoho le ka thothomelo: Morena, o rata hore ke etse eng na? Morena a re ho yena: Tsoha, o kene motseng, mme o tla bolellwa teng seo o tshwanetseng ho se etsa.


Re rata ho bouledisa Morena na? Hleka re mo fetisa ka matla na?


Empa Jeshurune a nona, mme a raha. Wa nona, wa iketsa ya nyenya, le ya kgurumeditsweng ke mafura. O lahlile Modimo o mo entseng, o nyedisitse Lefika la poloko ya hae.


E seng hore ke se ke nkile moputso, leha e le hore ke se ke phethehile; empa ke ntse ke phalla hore ke tle ke hape seo Kreste le yena a nkgapetseng sona.


nna, eo ke neng ke le monyefodi pele, le mohlorisi, le morori; empa ke rekolohetswe, hobane ke ne ke etsa tseo ke ho se tsebe, ke sa le ho se dumeleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ