Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 9:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Petrose a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, mme eitse hobane a bitse bahalaledi le bahlolohadi, a ba nea yena a boetse a phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

41 Petrose a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa; yare hoba a bitse badumedi le bahlolohadi, a mo hlahisa ho bona a phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

41 A mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, mme a bitsa bahalaledi le bahlolohadi, a ba hlahisa ho bona a ntse a phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 A mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, mme a bitsa bahalaledi le bahlolohadi, a ba hlahisa ho bona a ntse a phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 9:41
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba mo tsebisa, ba re: Josefa o sa phela, mme ebile ke yena molaodi wa lefatshe lohle la Egepeta. Empa pelo ya hae ya idibana, kahobane a sa kgolwe ke bona.


Ebile Elia o nka ngwana, a mo theosa phaposing e kahodimo a mo isa ka tlung, a mo neela mmae; mme Elia a re: Bona, mora hao o a phela.


Yaba o re: Se inole. A otlolla letsoho, a se inola.


ke ne ke hlohonolofatswa ke ya neng a le lekgatheng la ho timela, ka kenya thabo pelong ya mosadi wa mohlolohadi;


Jehova o sireletsa baditjhaba, o emisa kgutsana le mohlolohadi; empa o kgelosa tsela ya ba bolotsana.


Jesu a atamela, a mo tshwara ka letsoho, mme a mo tsosa; yaba febere e mo tlohela kapele, a ba a ba sebeletsa.


Yare ha a atamela kgoro ya motse, ha bo ho jerwe mofu, ngwana ya nnotshi wa mmae, le hona mosadi eo e le mohlolohadi; o ne a latetswe ke bongata bo boholo ba batho ba motse.


Yaba mofu o a dula, a qala ho bua; mme Jesu a mo nea mmae.


Mme ba boya le mohlankana eo a phela, mme ba tshediswa haholo ke hoo.


A ntoo mo tshwara ka letsoho le letona, a mo emisa, mme maoto le maqaqailane a hae a hla a tiya kapele.


Mehleng eo, ha barutuwa ba se ba atile haholo, Bajuda ba Bagerike ba korotla ka Bajuda ba Baheberu, ka ho re, basadi ba bahlolohadi ba bona ha ba hlokomelwe phepong ya letsatsi le leng le le leng.


Empa Ananiase a araba, a re: Morena, ke utlwile ke ba bangata ditaba tsa monna eo, kamoo a entseng bakgethwa ba hao hampe kateng, Jerusalema;


Petrose ha a ntse a etela barutuwa kaofela, a tla le ho bahalaledi ba ahileng Lida.


Hlonepha basadi ba bahlolohadi, bao e leng bona ruri.


Jwale, eo e leng mohlolohadi ruri, ya siilweng a nnotshi, o itshepetse Modimo, mme o tiisetsa diqelong le merapelong, bosiu le motshehare.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ