Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 9:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Bohle ba ahileng Lida le Sarone ba mmona, ba ba ba sokolohela ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Baahi bohle ba Lida le Sarone ba mmona, mme ba sokolohela ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

35 Bohle ba ahileng Lyda le Sarone ba mmona, mme ba sokolohela ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Bohle ba ahileng Lyda le Sarone ba mmona, mme ba sokolohela ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 9:35
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Shithrai wa Sarone a hlahloba makgomo a fulang Sarone; Shafathe, mora Adlai, yena a hlahloba makgomo a dikgutlong.


Ba kile ba aha naheng ya Gileade, Bashane, le metseng ya teng, le merakeng yohle ya Sarone, meeding ya yona.


Bara ba Elpaale ke Ebere, Misheame, Shemere ya hahileng Ono, le Lode, le metsaneng ya teng.


bana ba Lode le Hadide le Ono ba makgolo a supileng a mashome a mabedi a metso e mehlano;


baba ba Lode le Hadide le Ono ba makgolo a supileng a mashome a mabedi a motso o mong;


Setjhaba sa hao e tla ba se mafolofolo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokgabane bo kgethehileng, ba batjha ba hao ba ya tswa pela hao jwaloka phoka e tswang popelong ya mafube.


Dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla hopola Jehova, di sokolohele ho yena, mefuta yohle ya ditjhaba e tla kgumama pela hao;


Sokolohelang ho yena eo le mo furaletseng hakalo, lona bana ba Iseraele!


Naha e bofifing, e swabile; Lebanone o swabile, o omeletse; Sharone o tshwana le lefeella, Bashane le Karmele ba foforeha mahlaku.


A tla mela dipalesa ka ho fetisa, a nyakalle, a thabe, a phokole difela tsa hlolo; a tla fuwa kganya ya Lebanone le menono ya Karmele le ya Sharone; batho ba tla bona kganya ya Jehova le boholo ba Modimo wa rona.


Lehwatata la Sharone e tla ba meraka ya manku, kgohlo ya Akore e be makgulo a makgomo a setjhaba sa ka se mpatlileng.


Ke mang ya utlwileng taba e jwalo? Ke mang ya boneng e tshwanang le yona? Na naha e ka tswalwa ka tsatsi le le leng, kapa setjhaba se ka tswalwa hang na, haele mona Sione a tswala bana ba hae kapele a sa qala ho utlwa bohloko na?


Re batlisiseng metsamao ya rona, re e nahane, re kgutlele ho Jehova!


Haele wena, o kgutlele ho Jehova, o boloke mohau le ho loka, o itshepele Modimo wa hao kamehla.


Inkeleng dipolelo, le kgutlele ho Jehova, le re ho yena: Tlosa dibe tsohle, o amohele ho hotle, re o lebohe ka mahlabelo a maleme a rona.


Haholang dipelo tsa lona, e seng diaparo tsa lona, le kgutlele ho Jehova, Modimo wa lona; hobane o mosa, o lereko, o pelo e telele, o atisa ho hauhela, o qenehela bao a itseng o tla ba otla.


Letsoho la Morena la eba le bona, mme batho ba bangata ba dumela, ba sokolohela ho Morena.


Ke ahlola ke hona, hore baditjhaba kaofela ba sokolohelang ho Modimo, ba se ke ba kgathatswa,


Taba tseo tsa nna tsa eba jwalo ka dilemo tse pedi, bohle ba ahileng Asia ba ba ba utlwa lentswe la Morena Jesu, Bajuda le Bagerike.


Lentswe la Morena la nna la ata jwalo, la sebetsa ka matla.


ba boka Modimo, mme ba kgahlisa setjhaba kaofela. Mme Morena a nna eketsa kereke ka tsatsi le leng le le leng ka batho ba bolokehang.


Leha ho le jwalo, ba bangata ho ba utlwileng lentswe ba dumela; ha ba balwa, ya batla e eba banna ba kete tse hlano.


Lentswe la Modimo le ne le ntse le tswela pele; mme barutuwa ba ne ba anafala haholo Jerusalema, ha ba ha dumela le baprista ba bangata.


Petrose a re ho yena: Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha, a alole diphate tsa hao. Mme a phakisa a tsoha.


Hoo ha tsejwa ke ba motse wa Jopo kaofela, mme ha dumelwa ho Morena ke ba bangata.


Empa mohla di tla sokolohela ho Morena, lesira le tla tloswa.


Etlare ha o le tsietsing, mme tsena kaofela di o hlahetse, mehleng ya morao, o tla sokolohela ho Jehova, Modimo wa hao, o utlwe lentswe la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ