Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 9:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Jwale, dikereke di ne di dutse ka kgotso kahohle Judea, le Galelea, le Samaria; di ne di hahiswa, di tsamaya ka tshabo ya Morena; mme di ne di anafala ka tshediso ya Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

31 Ke moo phutheho yohle ya Judea le ya Galelea le ya Samaria ya eba le kgotso, mme e ntse e hahuwa. mme ba tsamaya ka ho tshaba Morena, le matshedisong a Moya o Halalelang, ba ata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Ke moo phutheho yohle ya Judea le ya Galelea le ya Samaria ya eba le kgotso, mme e ntse e hahuwa mme ba tsamaya ka ho tshaba Morena, le matshedisong a Moya o Halalelang, ba ata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 9:31
56 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na Jehova, Modimo wa lona, ha a na le lona na? Hape, na ha a ka a le fa phomolo ka nqa tsohle na? Hobane o fela a neile baahi ba lefatshe matsohong a ka, mme lefatshe le kokobeditswe pela Jehova le pela setjhaba sa hae.


Bona, o tla tswallwa mora; yena e tla ba motho wa kgotso; ke tla mo nea phomolo ho dira tsohle tsa hae ka nqa tsohle; lebitso la hae e tla ba Salomone (wa kgotso), mme ke tla bea kgotso le boiketlo Iseraeleng ka matsatsi a hae.


Athe babusisi ba pele, ba nnileng ba eba teng pele ho nna ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka bohobe le veine ho sona, ba nka le dishekele tse mashome a mane tsa silefera; hape, bahlanka ba bona ba ne ba busa ka thata hodima setjhaba; empa nna, ha ke a ka ka etsa jwalo ka baka la ho tshaba Modimo.


Yaba ke re: Seo le se etsang hase setle. Ha ke re, le ne le tshwanetse ho tsamaya tshabong ya Modimo wa rona, re tle re se ke ra kgoptjwa ke ditjhaba tseo e leng dira tsa rona?


Wa ntoo re ho motho: Bona, ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho sesefa bobe ke yona kutlwisiso.


Qalo ya bohlale ke ho tshaba Jehova; bohle ba ineelang hoo ba na le kutlwisiso e lokileng. Kganya ya hae e hlola ka ho sa feleng.


Jehova, mpontshe tsela ya hao, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao! o tlamelle pelo ya ka yohle le tshabo ya lebitso la hao!


o tle o mmatlele kgotso ha matsatsi a mabe a hlaha; ho fihlela ha lemena le tjhekelwa e mobe!


Ho tshaba Jehova ke motheo wa tsebo; empa ba mawatla ba nyedisa bohlale le thuto.


Pelo ya hao e se ke ya honohela ba babe, o mpe o hlole o tshaba Jehova kamehla,


Ho tshaba Jehova ke ho hloya bobe. Ke hloile boikgantsho le boikgohomoso, motsamao o mobe le molomo o kgopo;


Mohlang oo, lehlomela la Jese le tla emisetswa ditjhaba ka mokgwa wa folaga; ditjhaba di tla le batla, nqalo ya ho phomola ha lona e tla ba kganya feela.


Kahoo, matsatsi a hao a tla tiya, monono o be teng wa poloko le bohlale le tsebo; ho tshaba Jehova e tla ba leruo la Juda.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ho sa tla tla ditjhaba le baahi ba metse e mengata;


Empa lentswe la Modimo la nna la ata, la anafala.


Dikereke di ne di itiisa tumelong, mme di ne di anafala ka matsatsi wohle.


ba boka Modimo, mme ba kgahlisa setjhaba kaofela. Mme Morena a nna eketsa kereke ka tsatsi le leng le le leng ka batho ba bolokehang.


Mme jwale, banabeso, ke le laeletsa ho Modimo, le ho lentswe la mohau wa wona, o nang le matla a ho le hahisa, le ho le nea lefa hammoho le bahalaledi bohle.


Mme tshabo e kgolo ya tshwara kereke kaofela le bohle ba utlwileng taba tseo.


Lentswe la Modimo le ne le ntse le tswela pele; mme barutuwa ba ne ba anafala haholo Jerusalema, ha ba ha dumela le baprista ba bangata.


Haele Saule, o na be a dumetse polao ya Setefane. Mehleng eo, kereke ya hlahelwa ke hloriso e kgolo; ba qhalanyetswa bohle mafatsheng a Judea le a Samaria, ha sala baapostola ba nnotshi.


hobane mmuso wa Modimo hase ho ja, hase ho nwa, empa ke ho loka, le kgotso, le thabo, ka Moya o Halalelang.


A re ke re batleng ke hona ditaba tse hlahisang kgotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.


Jwale, Modimo wa tshepo o le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso yohle tumelong, tshepo ya lona e tle e ekeletswe ka matla a Moya o Halalelang.


mme tshepo ha e hlahisetse motho dihlong, hobane lerato la Modimo le tshetswe dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


Mme jwale lona, haele mona le tjhesehella dineo tsa Moya, batlang ho atelwa ke tse ka hahisang kereke.


Ana ke re, ho be jwang, banabeso? Ke re: Kamehla yohle ha le phutheha, e mong le e mong ho lona o na le pesaleme, leha e le thuto, kapa puo, leha e le tshenolo, leha e le phetolo; tsohle di etsetswe kgahiso.


Athe, leha nka eketsa hanyenyane ho ithorisa ka matla a rona, ao re a neilweng ke Morena ho le hahisa, e seng ho le diha, nke ke ka ba le dihlong;


Hleka le jwale le re, re sa ntse re itlhatswa ho lona na? Tjhe, re bua pela Modimo, re le ho Kreste; mme ka tsohle tseo, baratuwa, re le batlela kgahiso.


Ke ka baka leo ke ngolang taba tseo, ke sa le siyo ho lona, hore mohla ke leng teng, ke se ke ka etsa ka thata, ka matla ao Morena a nneileng wona ho hahisa, e seng ho heletsa.


Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.


ho phethisisa bahalaledi, ho etsa tshebetso ya bodisa, ho hahisa mmele wa Kreste;


eo mmele wohle o bopehileng hantle, o kopantsweng hammoho, ka dikopano tsohle tse fepang ditho tsohle, o nkang kgolo ho yena, ka matla a abelwang se seng le se seng sa tsona, o tle o hahuwe leratong.


Polelo e dihlong, leha e le nngwe, e se ke ya tswa melomong ya lona; empa ho tswe e ntle, e lokelang kgahiso, e tle e hlahisetse ba e utlwang molemo.


Ikokobetseng e mong ho e mong, le ntse le tshaba Kreste.


Empa le se le tla tshela Jordane, mme le tla aha lefatsheng leo Jehova, Modimo wa lona, a le fang lona, e be lefa la lona; o tla le nea phomolo ka ho le namolela direng tsa lona tsohle tse ka mathokong a lona, mme le tla aha le iketlile.


Ka baka leo, ekare ha tshediso e le teng ho Kreste, ha ho le kgothatso ya lerato, ha ho le kopano ya Moya, ha ho le lereko le mehauhelo,


le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise kahohle, le behe ditholwana mesebetsing e metle yohle, le ntse le hola tsebong ya Modimo;


Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le hahisane, jwalokaha le fela le etsa.


mme ba se ke ba ineela ditshomo le ditaba tse sa feleng tsa masika, e leng ditaba tse hlahisang dikgang, e seng kgahiso ya ntlo ya Modimo e tiiswang ka tumelo, le jwale, ke sa o laela jwalo.


Ha ho le jwalo, phomolo e teng e saletseng setjhaba sa Modimo.


Jehova a ba kgatholla hohle, kahohle kamoo a neng a hlapanyeditse bontata bona kateng; ha ho a ka ha eba se seng ho dira tsohle tsa bona se kileng sa tiya pela bona, kahobane Jehova a ne a neetse dira tsa bona matsohong a bona.


Empa haele lona, baratuwa, le nne le ikgahe hodima tumelo ya lona e halalelang ka ho fetisisa, mme le rapele ka Moya o Halalelang;


Tsatsing leo Bamoabe ba kokobetswa ke Baiseraele, mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ