Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 9:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Haele Saule, a nna a ipha matla a maholo, a hlola Bajuda ba ahileng Damaseka, ka ho ba bontsha hore Jesu ke Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Empa Saule yena a eketsa ho ipha matla le ho ferekanya Bajuda ba ahileng Damaseka, ka ho ba bontsha hore Jesu ke yena Mesia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Empa Saule a ’na a ipha matla haholoanyane, ’me a ferekanya Bajuda ba ahileng Damaseka, a ba bontša hore enoa ke Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Empa Saule a ’na a ipha matla haholoanyane, ’me a ferekanya Bajuda ba ahileng Damaseka, a ba bontša hore enoa ke Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 9:22
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa seqha sa hae se dutse se tiile, mme matla a matsoho a hae a tiisitswe ke matsoho a senatla sa Jakobo, e leng Modisa le Lefika la Iseraele.


Leha ho le jwalo, ya lokileng o tiisetsa tseleng ya hae, ya nang le matsoho a masweu o eketsa ho ipha matla.


Ebe moo ke rutang batlodi ditsela tsa hao, mme baetsadibe ba tla kgutlela ho wena.


Ha ba ntse ba tsamaya, ba ekeletswa matla, ho fihlela ba itlhahisa pela Modimo Sione.


O fa ya kgathetseng matla, o atisa matla ho ya fokotseng.


hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.


a ntse a ba hlalosetsa le ho ba bontsha hore Kreste o ne a tshwanetse ho utlwiswa bohloko, le ho tsoha bafung; a re: Kreste eo ke yena Jesu eo ke le bolellang yena.


Eitse ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Pauluse a ineela ho ruta ka pelo ya hae yohle, a pakela Bajuda hore Jesu ke Kreste.


Eitse hobane ba mmeele letsatsi, ba tla ho yena ba le bangata moo a dutseng teng, mme a ba bolella, a paka tsa mmuso wa Modimo ho bona, a leka ho ba kgodisa bakeng sa Jesu, a isa ka molao wa Moshe le baporofeta, a qala hosasa ho fihlela mantsiboya.


A phakisa a bolela Jesu masinagogeng, a tiisa hore ke Mora wa Modimo.


Ba mo utlwang kaofela ba ne ba makala, ba re: Na eo hase yena ya neng a hlorisa hampe ba rapelang lebitso leo Jerusalema, a bile a tlile le mona ho ba tlama le ho ba isa ho baprista ba baholo na?


Kamora tsiu tse ngatanyana, Bajuda ba rera ho mmolaya;


Yaba Barnabase o mo nka, a mo isa ho baapostola, a ba phetela kamoo a boneng Morena tseleng kateng, a bileng a buile le yena, le kamoo a boletseng lebitso la Jesu ka matla motseng wa Damaseka kateng.


Empa Modimo o ikgethetse tse hlanyang tsa lefatshe, o tle o swabise tse bohlale; mme tse fokolang tsa lefatshe, Modimo o ikgethetse tsona, o tle o swabise tse matla.


Yare ho feleng ha dilemo tse tharo, ya eba hona ke nyolohelang Jerusalema ho ya tsebana le Kefase, mme ka dula ha hae ditshiu tse leshome le metso e mehlano.


Ke boka Morena wa rona Jesu Kreste, ya ntiisitseng, kahobane o lekantse hoba ke tshepehile, ha a mpea mohlanka wa hae:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ