Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 8:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Haele Filipi, a tshoha a se a le Asote, mme ha a ntse a tsamaya, a bolela Evangeli metseng yohle, a ba a fihla Sesarea.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

40 Empa Filipi a iphumana a se a le Ashedode, a ntse a bolela molaetsa o molemo metseng yohle eo a fetang ho yona, ho fihlela a kena Sesaria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

40 Empa Filipi a fumanwa Azote, mme a ntse a tsamaya a ntse a bolela Evangeli metseng yohle, ho fihlela a fihla Cesarea.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

40 Empa Filipi a fumanwa Azote, mme a ntse a tsamaya a ntse a bolela Evangeli metseng yohle, ho fihlela a fihla Cesarea.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 8:40
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ba dinyatsi ba tla aha Ashdode, mme ke tla fedisa boikgohomoso ba Mofilesta.


Monna o ne a le teng Sesarea, lebitso la hae e le Kornele, e le molaodi wa lekgolo lekgotleng le bitswang la Italia.


Yare ka hosasane, ba kena Sesarea. Kornele o ne a ba lebeletse, a bile a bitsitse le bahabo le metswalle ya hae e meholo.


Ka nako yona eo, ka tshoha banna ba bararo, ba romilweng ho nna, ba tswang Sesarea, ba hlaha monyako wa ntlo eo ke neng ke le ho yona.


Heroda, eitse hobane a mmatlisise, mme a se mo fumane, a ahlola bahlabani, a laela hore ba ye ho bolawa. A ntoo tloha Judea, a theohela Sesarea, mme a ahella teng.


Eitse ha a tswile sekepeng Sesarea, a nyolohela Jerusalema, a dumedisa kereke, a ntoo theohela Antioke.


Barutuwa ba bang ba Sesarea le bona ba ya le rona, ba re isa ha Mnasone, morutuwa wa kgale, ya tswang Sipera, eo re neng re tshwanetse ho fapohela ha hae.


Hosasane, ra tloha, mme ra fihla Sesarea; ra kena tlung ya Filipi, moevangeli, eo e neng e le e mong wa ba supileng, mme ra dula ha hae.


Eitse hobane a bitse balaodi ba babedi ba lekgolo, a re ho bona: Lokisang bahlabani ba makgolo a mabedi, le bakalli ba mashome a supileng, le ba diqha ba makgolo a mabedi, ba tle ba ye Sesarea ka hora ya boraro ya bosiu.


Yare bao ha ba fihla Sesarea, ba nea mmusisi lengolo leo, ba ba ba hlahisa Pauluse pela hae.


Yare ha Festuse a fihlile naheng eo, a dula Sesarea matsatsi a mararo, a ntoo fetela Jerusalema.


Eitse ha ho se ho fetile matsatsi a mang, morena Agripa le Berenise ba tla Sesarea ho dumedisa Festuse.


Empa Festuse a ba araba ka ho re, Pauluse o lebetswe Sesarea, hape a re, le yena o se a tla phakisa ho theohela teng;


Yare hobane a hlole ho bona ditshiu tse sa feteng tse robileng meno e mmedi kapa tse leshome, a boela Sesarea; ka le hlahlamang a dula setulong sa kahlolo, mme a laela hore Pauluse a tliswe.


Baapostola, eitse hobane ba pake lentswe la Morena, ba kgutlela Jerusalema, ba ntse ba bolela Evangeli metsaneng e mengata ya Samaria.


Yare ha barutuwa ba utlwa hoo, ba mo isa Sesarea, ba ntoo mo romela Tarese.


ka matla a mehlolo le a meeka, le ka matla a Moya wa Modimo; ke bile ka hasa Evangeli ya Kreste, ho qala ka Jerusalema le mathoko a yona ho ya qetella ka Iliria.


Ha ho a ka ha sala motho le a mong wa Baanake fatsheng la bana ba Iseraele; feela ha nna ha sala ba seng bakae Gasa, le Gathe, le Ashdode.


Haele Bafilesta, ba ne ba nkile areka ya Modimo; ba e tlosa Eben-Esere, ba e isa Ashdode.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ