Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 8:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Yaba Filipi o ahlamisa molomo wa hae, a qala ka lengolo leo ho mmolella tsa Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Jwale Filipi a bua, a qala ka temana ena, a mmolella molaetsa o molemo wa Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

35 Filipi a ahlamisa molomo wa hae, a qala ka lengolo leo, a mo bolella Evangeli ya Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Filipi a ahlamisa molomo wa hae, a qala ka lengolo leo, a mo bolella Evangeli ya Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 8:35
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o ahlamisa molomo wa hae, a ba ruta, a re:


Yaba o qala ka Moshe, a isa ho baporofeta bohle, a ntse a ba hlalosetsa Mangolong wohle tseo a boletsweng ka tsona.


Yaba Petrose o ahlamisa molomo, a re: Ke lemoha ka nnete hore Modimo ha o ye ka tshobotsi ya batho.


Leha ho le jwalo, ba bang ho bona, e leng banna ba Sipera le ba Sirene, yare ha ba kena Antioke, ba bua le Bakgerike, ba ba bolella ditaba tsa Morena Jesu.


Yaba bafilosofe ba bang ba Baepikure le ba Bastoike ba fetolana le yena; ba bang ba ne ba re: Na mobuabui eo o reng? ba bang ba re: Eka o bolela medimo esele. E ne e le ka baka la hobane a ne a ba bolella Jesu le tsoho ya bafu.


Hobane o ne a hlola Bajuda pontsheng ka matla a maholo, a ba bontsha ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.


Yaba Bajuda ba bang, e leng dingaka tse reng di ntsha batemona, tse sollang hohle, ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu hodima ba kenweng ke meya e mebe, ba re: Re a le laela ka Jesu ya bolelwang ke Pauluse.


Eitse hobane ba mmeele letsatsi, ba tla ho yena ba le bangata moo a dutseng teng, mme a ba bolella, a paka tsa mmuso wa Modimo ho bona, a leka ho ba kgodisa bakeng sa Jesu, a isa ka molao wa Moshe le baporofeta, a qala hosasa ho fihlela mantsiboya.


hore ho tle ho be ho fihle mehla ya kgatholoho ka ponahalo ya Morena, mme a rome Jesu Kreste, ya boletsweng pele ho lona,


Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi wohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.


Letona la botsa Filipi, la re: Ke a o rapela, ke re, na moporofeta o bolela taba eo bakeng sa mang? Na o a ipolela, kapa o bolela e mong na?


A phakisa a bolela Jesu masinagogeng, a tiisa hore ke Mora wa Modimo.


empa haele rona, re bolela Kreste ya thakgisitsweng, e leng kgopiso ho Bajuda, le bohlanya ho Bagerike.


Hobane ke ne ke pheheletse hore ke se ke ka tseba letho le leng hara lona haese Jesu Kreste, le hona e le ya thakgisitsweng.


Helang! lona Bakorinthe, molomo wa rona o le ahlametse, pelo tsa rona di le ahlametse.


ha le fela le mo mametse, mme le rutilwe ho yena kamoo nnete e leng ho Jesu kateng,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ