Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 8:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jwale, baapostola ba setseng Jerusalema, yare ha ba utlwa hobane Basamaria ba amohetse lentswe la Modimo, ba roma Petrose le Johanne ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Yare ha baapostola ba leng Jerusalema ba utlwa hore Samaria e amohetse lentswe la Modimo, ba roma Petrose le Johanne teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Yare ha baapostola ba Jerusalema ba utlwa hore Samaria e amohetse lentswe la Modimo, ba romela Petrose le Johanne ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Yare ha baapostola ba Jerusalema ba utlwa hore Samaria e amohetse lentswe la Modimo, ba romela Petrose le Johanne ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 8:14
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane taba eo a howeleditseng aletare ya Bethele le matlo wohle a nqalo tse diphahameng tse metseng ya Samaria, e fela e tla hlaha ka polelo ya Jehova.


Empa ya amohetseng peo mobung o motle, ke motho ya utlwang lentswe, ya le utlwisisang, mme o a beha; hlaku e nngwe e hlahisa tse lekgolo, e nngwe e hlahisa tse mashome a tsheletseng, e nngwe e hlahisa tse mashome a mararo.


Jesu a roma Petrose le Johanne, a re: Eyang, le re lokisetse Paseka, re tle re e je.


Ya ntahlang, mme a sa amohele mantswe a ka, o na le ya mo ahlolang; lentswe leo ke le buileng, ke lona le tla mo ahlola ka letsatsi la bofelo.


Baapostola le baena ba ahileng Judea ba utlwa hoba baditjhaba le bona ba amohetse lentswe la Modimo.


Yare ha ba fihla Jerusalema, ba amohelwa hantle ke kereke, le ke baapostola, le ke baholo; mme ba ba bolella tse kgolo tseo Modimo o di entseng ka bona.


Bao ba fetisa ba Thesalonika ka bokgabane, ba amohela lentswe ka tjheseho e kgolo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi wohle, ho tseba hore na ditaba tseo di jwalo ruri na?


Yaba ba amohetseng polelo ya hae ka thabo ba kolobetswa, mme barutuwa ba ekeletswa tsatsing leo ka batho ba dikete tse batlileng ho ba tharo.


Haele Saule, o na be a dumetse polao ya Setefane. Mehleng eo, kereke ya hlahelwa ke hloriso e kgolo; ba qhalanyetswa bohle mafatsheng a Judea le a Samaria, ha sala baapostola ba nnotshi.


Jakobo, le Kefase, le Johanne, eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba re nea matsoho a bolekane, nna le Barnabase, hore rona re ikele ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.


Ka baka leo, le rona ha re phetse ho leboha Modimo kahobane, mohla le amohetseng lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, le le amohetse e seng jwaloka hoja e le lentswe la batho, empa la kgolwa hore ke lentswe la Modimo, jwalokaha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lona ba dumetseng.


Mme re romile Timothea, ngwanabo rona, mohlanka wa Modimo, ya re sebedisang Evangeling ya Kreste, hore a ye ho le tiisa le ho le kgothatsa bakeng sa tumelo ya lona;


le ka thetso yohle ya bokgopo ho ba timelang; hobane ha ba ka ba amohela lerato la ho rata nnete, ba tle ba bolokehe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ