Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 8:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa, eitse hobane ba dumele Filipi ya ba bolellang ditaba tsa mmuso wa Modimo le lebitso la Jesu Kreste, banna le basadi ba kolobetswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Empa ha Filipi a se a ba bolelletse molaetsa o molemo wa tsa Mmuso wa Modimo le tsa lebitso la Jesu Kreste, ba dumela, mme ha kolobetswa banna le basadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Empa eitse hobane ba dumele Filipi ya neng a ba bolela ditaba tse molemo tsa mmuso wa Modimo le lebitso la Jesu Kreste, ba kolobetswa, banna le basadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Empa eitse hobane ba dumele Filipi ya neng a ba bolela ditaba tse molemo tsa mmuso wa Modimo le lebitso la Jesu Kreste, ba kolobetswa, banna le basadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 8:12
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;


A ba roma ho bolela mmuso wa Modimo, le ho fodisa ba kulang;


Jesu a re ho yena: Lesa bafu ba epele bafu ba bona; haele wena, eya bolela mmuso wa Modimo.


e leng bao e neng ere hobane a utlwiswe bohloko, a ileng a ipontsha bona, a se a phela, ka dipontsho tse ngata tse kgodisang, ba mmona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bolela tsa mmuso wa Modimo.


Leha ho le jwalo, ba bang ho bona, e leng banna ba Sipera le ba Sirene, yare ha ba kena Antioke, ba bua le Bakgerike, ba ba bolella ditaba tsa Morena Jesu.


Empa Krispo, mmusi wa sinagoge, le ba ntlo ya hae kaofela ba dumela ho Morena; le Bakorinthe ba bangata, ha ba utlwa Pauluse, ba dumela le bona, mme ba kolobetswa.


Eitse ha ba utlwa hoo, ba kolobetswa lebitsong la Morena Jesu.


Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobeletswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka neo ya Moya o Halalelang.


Yaba ba amohetseng polelo ya hae ka thabo ba kolobetswa, mme barutuwa ba ekeletswa tsatsing leo ka batho ba dikete tse batlileng ho ba tharo.


ke ntse ke kgothaletsa Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo, le ho dumela ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Mme jwale bonang, ke a tseba hobane, haele lona kaofela, bao ke tsamaileng ke bolela Evangeli hara lona, ha ho e mong ya tla boela a bone sefahleho sa ka.


A nna a bolela mmuso wa Modimo, a ruta le tsa Morena Jesu Kreste ka ho tiya hohle, a se ke a thibelwa ke motho.


Bongata jwa ba dumetseng ho Morena bo ne bo ntse bo ekeletswa ka banna le ka basadi;


Ba neng ba qhalantswe ba ne ba tsamaya ba ntse ba bolela lentswe.


Hobane motho o dumela ka pelo, hore a bewe ya lokileng, mme o bolela ka molomo, hore a bolokehe.


Leha ho le jwalo, monna ha a yo kantle ho mosadi, le mosadi ha a yo kantle ho monna, Moreneng.


Ha ho sa le Mojuda, leha e le Mogerike; ha ho sa le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; ha ho sa le monna, leha e le mosadi; hobane kaofela ha lona le ntho e le nngwe ho Jesu Kreste.


Se tshwantswang ke hoo ke kolobetso e re pholosang jwale — e seng e hlatswang ditshila tsa mmele, empa eo e leng ho itlama ha letswalo le letle pela Modimo — ka tsoho ya Jesu Kreste,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ