Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 8:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ba ne ba mo mamela kaofela, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo, ba re: Enwa ke matla a Modimo, a bitswang a maholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Bohle ba ne ba mo mamela ka hloko, ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, ba re: “Enwa ke Matla a Modimo a bitswang a maholo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Ke yena eo bohle ba neng ba mo mamela, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo, ba re: Motho enwa ke matla a maholo a Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ke yena eo bohle ba neng ba mo mamela, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo, ba re: Motho enwa ke matla a maholo a Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 8:10
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ba sa tla ruta e mong le e mong molekane wa hae, ha ho motho ya tla ruta wa habo ka ho re: Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova; hobane ke tla ba lesella bokgopo ba bona, mme ha ke sa tla hopola dibe tsa bona.


Yaba balaodi kaofela ba makgotla, ba ena le Johanane, mora Karea, le Jesania, mora Hosea, le setjhaba kaofela, ba banyenyane le ba baholo, ba atamela,


Hobane ba hlile ba ineela takatso ya ho rua kaofela, e monyenyane le e moholo; moporofeta le moprista e mong le e mong ba etsa bohata.


Ka baka leo, ke tla nea ba bang basadi ba bona, bahapi ba nke masimo a bona, hobane bohle ba hlile ba ineela takatso ya ho rua, e monyenyane le e moholo, moporofeta le moprista; e mong le e mong o etsa bohata.


Yaba batho ba Ninive ba dumela Modimo, ba bea letsatsi la ho itima dijo, ba apara bohle masela a mahwashe, ho qala ka e moholo wa bona ho isa ho e monyenyane.


Yare ha bongata bo bona se entsweng ke Pauluse, ba qala ho howa ka puo ya Selikaonia, ba re: Medimo e nkile sebopeho sa batho, e theohetse ho rona.


Kanthe ba ne ba lebeletse hore o tla ruruha, leha e le ho wa kapele a shwele; empa yare ha ba lebeletse haholo, mme ba bone hoba ha a jewe ke letho, ba fetoha, ba re: Ke modimo.


Empa ho ba bitsitsweng, leha e le ba Bajuda, leha e le ba Bagerike, Kreste ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.


Hobane le ye le mamelle mawatla hantle, lona ba hlalefileng.


hore re se hlole re eba bana, ba jwaloka mahohodi, ba fetohelang moyeng o mong le o mong wa thuto e ntjha, ka thetso ya batho, le ka mano a bona a ho kgelosa ka bohata;


Mme ba bangata ba tla ba latela bohloleng ba bona; mme tsela ya nnete e tla nyefolwa ka baka la bona.


Ka bona hlooho e nngwe ya sona e hlabilwe eka e ya shwa; empa leqeba leo, le e bolayang, la fola, mme lefatshe kaofela la makala ke sebata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ