Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 7:60 - Sesotho 1909/1961 (SO)

60 A ntoo kgumama, a howa ka lentswe le leholo, a re: Morena, o se ke wa ba balla sebe sena! Yare ha a buile jwalo, a ithoballa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

60 Yaba o a kgumama, o howa ka lentswe le phahameng, o re: “Morena, o se ke wa ba balla sebe sena.” Hoba a rialo, a ithoballa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

60 A kgumama, a howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: Morena, o se ke wa ba balla sebe sena. Eitse hobane a bue jwalo, a ithoballa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

60 A kgumama, a howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: Morena, o se ke wa ba balla sebe sena. Eitse hobane a bue jwalo, a ithoballa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 7:60
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, ka ema hona boikokobetsong ba ka, kobo ya ka le kojwana ya ka di hahotswe; ka kgumama ka mangole, ka otlollela matsoho a ka ho Jehova, Modimo wa ka,


Ba bangata ho ba robetseng leroleng la lefatshe ba tla tsoha, ba bang ba tsohele bophelo bo sa feleng, ba bang ba tsohele dihlong le sekgobo se sa feleng.


Daniele, ha a utlwa hoba molao oo o ngodilwe, a ikela tlung ya hae, mme difensetere tsa ntlo e kahodimo ya hae ha di bulehetse nqa Jerusalema, a kgumama ka mangwele hararo ka letsatsi, a rapela, a boka Modimo wa hae, jwalokaha a ne a etsa pele.


mabitla a buleha, le ditopo tse ngata tsa bahalaledi ba robetseng tsa tsoha.


Empa nna, ke re ho lona: Ratang bao e leng dira ho lona, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang;


A ntoo ya hojana le bona, sebaka se ka fihlewang ke lejwe ha le betswa; a kgumama ka mangwele a rapela,


Empa Jesu o ne a re: Ntate, o ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae ka ho di laola ka lotho.


Hlohonolofatsang le ba le rohakang, mme le rapelle ba le tsohelang matla.


Eitse hobane a bolele tseo, a re ho bona: Lasaro, motswalle wa rona, o robetse; empa ke ya mo tsosa borokong.


Athe haele Davida, eitse hobane a phethe ho ratwang ke Modimo ho pheleng ha hae, o ithobaletse, a ba a patwa ho bontatae, mme o bone ho bola.


Eitse hobane a bolele taba tseo, a kgumama ka mangwele, a rapela le bona bohle.


Ha re se re qetile matsatsi ao, ra tloha, ra tsamaya; ha e le bona ba re felehetsa bohle ho fihlela kantle ho motse, ba ena le basadi ba bona le bana; ra kgumama ka mangwele lebopong, ra rapela,


Petrose a re, ba ke ba tswele ntle kaofela; yaba o kgumama ka mangwele, a rapela, a ntoo retelehela ho setopo, a re: Tabitha, tsoha! Yaba eo o tutubolla mahlo, mme ha a bona Petrose, a dula.


Ke ka baka leo ho nang le ba bangata ba fokolang, le ba kulang hara lona; mme ba bangata ba se ba bile ba shwele.


Ha ho le jwalo, ekaba le ba ithobaletseng ho Kreste ba timetse.


Tjhe, empa Kreste o tsohile bafung, mme o beilwe thakangwaha ya ba robetseng.


Bonang, ke le bolella sephiri: ha re ka ke ra robala bohle, empa re tla fetoha bohle,


Hamorao a bonwa ka nako e le nngwe ke baena ba fetisang makgolo a mahlano; ba bangata ho bona ba sa le teng, mme ba bang ba se ba shwele.


ya re shwetseng, hore, leha re fadimeha, leha re robetse, re phelele mahong le yena.


Mohla ke ikarabelang ka la pele, kgotla, ha ho a ka ha eba motho ya nkemelang; empa ba ne ba ntahle bohle; Modimo o se ke wa ba bea molato wa hoo.


ba soma, ba re: E kae pallo ya ho tla ha hae? Hobane, haesale ho eshwa bontate moholo, ntho tsohle di sa ntse di tiile, di sa le jwaloka qalong, ha di hlolwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ