Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 7:45 - Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Eitse hobane bontata rona ba e newe, ba ya le yona lefatsheng la ditjhaba tseo Modimo o di lelekileng pela bona, ba ena le Joshua; mme ya nna ya dula teng ho fihlela mehleng ya Davida.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

45 Bo-ntata rona ba e amohela. Tlasa tsamaiso ya Joshua, ba tla le yona naheng ya baditjhaba, bao Modimo a ileng a ba leleka pela bo-ntata rona, ho fihlela mehleng ya Davida.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

45 E leng yona bontata rona ba ileng ba e latela, ba e tlisa le Jesu naheng ya baditjhaba, bao Modimo o ileng wa ba leleka pela bontata rona, ho fihlela mehleng ya Davida;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

45 E leng yona bontata rona ba ileng ba e latela, ba e tlisa le Jesu naheng ya baditjhaba, bao Modimo o ileng wa ba leleka pela bontata rona, ho fihlela mehleng ya Davida;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 7:45
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba tlisa areka ya Jehova le tente ya pokano; le mesebetsi yohle e halalelang e ka tenteng ya tliswa ke baprista le Balevi.


Hape, a bea moprista Tsadoke, le baprista ba mofuta wa habo, pela tabernakele ya Jehova, nqalong e phahameng e leng Gibeone,


Motsotsong oo, tabernakele ya Jehova, e na beng e entswe ke Moshe nahathothe, le aletare ya ditjheso, di ne di le nqalong e phahameng ya Gibeone;


Bana ba bona ba fela ba kena, ba rua lefatshe; wa kokobetsa pela bona ba neng ba ahile lefatsheng leo, e leng Bakanana, mme wa ba neela matsohong a bona hammoho le marena a bona le ditjhaba tsa lefatshe, hore ba etse ka tsona kamoo ba ratang kateng.


O lelekisitse ditjhaba ka letsoho la hao, hore o ba bee tulong tsa tsona; wa fedisa ditjhaba, hore o ba atise.


wa lelekisa matjhaba pela bona, wa ba arolela lefa la bona ka thapo, mme wa kenya meloko ya Iseraele ditenteng tsa yona.


O ne o fothole morara Egepeta, wa lelekisa ditjhaba, mme wa o hloma;


Eitse hobane o fedise ditjhaba tse supileng lefatsheng la Kanana, wa ba abela naha eo ka dilemo tse batlileng ho ba makgolo a mane a nang le mashome a mahlano.


Nyolohela thabeng eo ya Abarime, qhoweng ya Nebo, e naheng ya Moabe, mabapa le Jeriko, mme o tadime lefatshe la Kanana leo ke le neang bana ba Iseraele, ba tle ba le rue.


Hobane holane Joshua o ba kentse phomolong, Modimo o ka be o sa ka wa bolela le leng letsatsi.


Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e bokana Silo, ya hloma tente ya pokano teng; ke ha lefatshe le se le hapilwe ke bona.


Hobane Jehova o lelekile ditjhaba tse kgolo, tse matla, pela lona; mme haele lona, ha ho motho ya kileng a ema pela lona ho fihlela kajeno.


Ke yena Jehova ya lelekileng pela rona ditjhaba tsohle tsa Baamore tse neng di ahile fatsheng lena. Le rona re tla sebeletsa Jehova, hobane ke Modimo wa rona.


Ba ikemisetsa setshwantsho se betlilweng, se entsweng ke Mika, mme ha nna ha eba jwalo ka ditshiu tsohle tseo ntlo ya Modimo e nnileng ya eba Silo ka tsona.


Ebile setjhaba se romela Silo, ho ya lata teng areka ya selekane sa Jehova wa makgotla ya dutseng hara dikerubime; bara ba babedi ba Eli, Hofni le Finease, ba ne ba le teng le areka ya selekane sa Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ