Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 7:44 - Sesotho 1909/1961 (SO)

44 Bontata rona ba ne ba na le tabernakele ya bopaki feelleng, kamoo ya buang le Moshe a neng a mo laetse kateng, ho e etsa ka setshwantsho seo a se boneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

44 “Bo-ntata rona ba ne ba ena le Tente e pakang boteng ba Modimo lehwatateng, kamoo ho laetseng ya neng a bua le Moshe kateng, hore a e etse jwaloka setshwantsho seo a ileng a se bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

44 Bontata rona ba ne ba na le tabernakele ya bopaki feelleng, jwalokaha a ne a laetse, ha a bua le Moshe, a e etse ka setshwantsho seo a se boneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

44 Bontata rona ba ne ba na le tabernakele ya bopaki feelleng, jwalokaha a ne a laetse, ha a bua le Moshe, a e etse ka setshwantsho seo a se boneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 7:44
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a nea Salomone, mora hae, setshwantsho sa mathule, le sa matlo, le sa dipolokelo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa ntlo ya serapello.


Davida a re: Tsohle tseo, Jehova o nneile kutlwisiso ya tsona ka ho di ngola ka letsoho la hae, ke re, mesebetsi yohle ya tekanyetso eo.


Yaba morena o bitsa Jehojada, moprista e moholo, a re ho yena: Na ha o a ka wa bona keng hore Balevi ba late Juda le Jerusalema lekgetho le laetsweng ke Moshe, mohlanka wa Jehova, le beetsweng phutheho ya Iseraele, hore le ntshetswe tente ya bopaki na?


O hlokomele ho etsa ntho tseo ka tekanyetso eo o e bontshitsweng thabeng.


O hlome tabernakele ka mokgwa oo o o bontshitsweng thabeng.


O tla e etsa sekoti kahare, ka dipolanka, kamoo o e bontshitsweng thabeng kateng; e ke e etswe jwalo.


Ke yona palo ya mesebetsi ya tabernakele, e leng tabernakele ya bopaki, e entsweng ka taelo ya Moshe; ya eba mosebetsi wa Balevi, ba laelwa ke Ithamare, mora Aarone, moprista.


Ka tsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya bobedi, ka selemo sa bobedi, leru la phahama, la tloha tabernakeleng ya bopaki;


Atametsa banabeno ho wena, ba leloko la Levi, ba leloko la ntatao, ba tle ba o kgomarele, mme ba o sebeletse mohla wena le bara ba hao le leng pela tente ya bopaki.


Ka tsatsi leo ho emisitsweng tabernakele ka lona, leru la kgurumetsa tabernakele, e leng tente ya bopaki; mantsiboya ha eba hoo e kang mollo hodima tabernakele ho fihlela hosasa.


eo e leng mosebeletsi wa sehalalelo, le wa tabernakele ya sebele e hlomilweng ke Morena, e seng ke motho.


ba sebetsang ka tse tshwantshang dintho tsa lehodimo le diriti tsa tsona, kamoo Modimo o neng o laetse Moshe kateng, ha a tla etsa tabernakele, wa re: Lemoha hantle, o etse ntho tsohle ka tekanyetso ya tseo o di bontshitsweng.


Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e bokana Silo, ya hloma tente ya pokano teng; ke ha lefatshe le se le hapilwe ke bona.


Yare setjhaba ha se tlohile ditenteng tsa sona ho tshela Jordane, baprista ba jereng areka ya selekane ba etella setjhaba pele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ