Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 7:42 - Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Ebile moo Modimo o ba furallang, wa ba neela ho sebeletsa makgotla a lehodimo, kamoo ho ngodilweng kateng bukeng ya baporofeta, ho thwe: Lona ntlo ya Iseraele, na le ntlhahiseditse dikgomo le mahlabelo feelleng ka dilemo tse mashome a mane na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

42 Yaba Modimo o a ba furalla, o neelana ka bona ho sebeletsa lebotho la lehodimo, jwalokaha ho ngotswe bukeng ya baporofeta, ho thwe: “ ‘Na lona ba ntlo ya Iseraele, le nnyeheletse ka tse hlabilweng le ka dinyehelo ka dilemo tse mashome a mane lehwatateng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

42 Yaba Modimo o reteleha, wa ba neela ho kgumamela makgotla a lehodimo; jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya baporofeta, ho thwe: Lona ba ntlo ya Iseraele, na le ntliseditse diphoofolo tse hlabilweng le mahlabelo ka dilemo tse mashome a mane lefeelleng na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

42 Yaba Modimo o reteleha, wa ba neela ho kgumamela makgotla a lehodimo; jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya baporofeta, ho thwe: Lona ba ntlo ya Iseraele, na le ntliseditse diphoofolo tse hlabilweng le mahlabelo ka dilemo tse mashome a mane lefeelleng na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 7:42
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba furalla melao yohle ya Jehova, Modimo wa bona, ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng manamane a mabedi, ba etsa le ditshwantsho tsa Ashtarothe, ba kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, ba sebeletsa le Baale.


A boela a haha nqalo tse diphahameng, tse neng di qhaqhilwe ke ntatae Esekiase, a hahela Baale dialetare, a etsa setshwantsho sa Ashtarothe, jwalokaha ho ne ho entse Akabe, morena wa Iseraele; a kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, a a sebeletsa.


Ka tenwa ke moloko oo ka dilemo tse mashome a mane, ka re: Ke setjhaba seo pelo ya sona e kgelohileng; ha ba tsebe ditsela tsa ka.


Ha o a ka wa ntlhabela ditjheso tsa dinku tsa hao, ha o a ka wa ntlotlisa ka mahlabelo a hao; ha ke a ka ka o etsetsa boima, ka ho re: O nnyehelle; leha e le ho o kgathatsa, ka ho kopa dibano.


Empa ba nna ba ikgantsha, ba halefisa Moya wa hae o Halalelang; yaba o ba fetohela sera, ya eba yena ya ba lwantshang.


le nna ke tla kgetha kotlo tsa bona, ke ba hlahisetse seo ba se tshabang; hobane ke bitsitse, mme ha ho ya arabileng; ke boletse, mme ha ba ka ba mamela, empa ba entse ho leng hobe mahlong a ka, ba ikgethetse seo ke sa se rateng.


Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla ba ditshila jwaloka nqalo ya Tofethe; e leng matlo kaofela ao ba hlwellang hodima wona ho tjhesetsa lekgotla lohle la lehodimo dibano le ho tshollela medimo esele dino.


a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena.


Ke kahoo nkileng ka ba nea dikomelo tse neng di se ntle, le melao e ke keng ya phedisa.


Ha ho le jwalo, lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Jehova o re: Eyang, le sebeletse e mong le e mong ditshwantsho tsa hae; empa hamorao, le tla be le nkutlwe! Le se ke la hlola le hlompholla lebitso la ka le kgethehileng ka dinyehelo tsa lona le ka ditshwantsho tsa lona.


Yaba o nkisa lebaleng le kahare la ntlo ya Jehova, mme ka bona monyako wa ntlo ya Jehova, pakeng tsa mathule le aletare, banna ba batlileng ho etsa mashome a mabedi a metso e mehlano, ba furaletse ntlo ya Jehova, ba tadimile nqa botjhabela, ba kgumametse letsatsi, nqa botjhabela.


Efraime o kgomaretse ditshwantsho; mo tlohele!


Ho ngodilwe mangolong a baporofeta, ho thwe: Ba tla rutwa bohle ke Modimo. Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwileng Ntate, ya ithutileng ho yena, o tla ho nna.


Iponeleng ke hona, esere mohlomong se boletsweng ke baporofeta sa le hlahela, se reng:


Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa mehlolo le meeka Egepeta, le Lewatleng le Lefubedu, le lefeelleng, ka dilemo tse mashome a mane.


leha e le ya yang ho sebeletsa le ho kgumamela medimo esele, leha e ka ba letsatsi, kapa kgwedi, kapa makgotla wohle a dinaledi tsa lehodimo, e leng taba eo ke sa kang ka o laela yona;


Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.


moo bontata lona ba ntekileng, ba nkgathaditseng, mme ba bone mesebetsi ya ka ka dilemo tse mashome a mane.


Ha le ka furalla Jehova, la sebeletsa medimo esele, le yena o tla le furalla, a le senye, a le timetse, leha a se a nnile a le etsa hantle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ