Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 7:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Mohlang oo, ba etsa namane, mme ba hlabela setshwantsho seo, ba thabela mosebetsi wa matsoho a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

41 Matsatsing ao ba bopa namane, ba tlisetsa setshwantsho seo sehlabelo, ba thabela mesebetsi ya matsoho a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

41 Mme ba etsa namane mehleng eo, ba hlabela setshwantsho seo mahlabelo, mme ba thabela mesebetsi ya matsoho a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Mme ba etsa namane mehleng eo, ba hlabela setshwantsho seo mahlabelo, mme ba thabela mesebetsi ya matsoho a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 7:41
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse le mohla ba neng ba iketseditse namane e tsholotsweng, ba re: Ke wona Modimo wa lona o le nyolotseng Egepeta; leha ba kile ba o phephetsa hakalo,


Se thabe, Iseraele, ka ho nyakalla, jwaloka ditjhaba tse ding, hobane o febile ka ho tlohela Modimo wa hao, mme o ratile moputso wa bofebe diotlong tsohle tsa koro.


Ke fumane Iseraele a le ho nna jwaloka ditholwana tsa morara tse fumanwang feelleng; ke tadimile bontata lona jwalokaha ho tadingwa dilopotsiya tsa feiye e qalang ho beha. Athe bona ba ile Baale-Peore, ba ikgethela tse dihlong, ba ba ba fetoha manyala jwaloka dinyatsi tsa bona.


Mme batho ba setseng, ba sa kang ba bolawa ke dikotsi tseo, ha ba ka ba baka mesebetsing ya matsoho a bona, mme ha ba ka ba lesa ho rapela batemona, le medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya koporo, le ya majwe, le ya mahong, e sa tsebeng ho bona, le ho utlwa, le ho tsamaya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ