Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 7:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Moshe eo ba neng ba mo nyatsitse, ba re: Ke mang ya o beileng morena le moahlodi wa rona? Ke yena ya kileng a rongwa ke Modimo, hore e be morena le monamoledi wa bona, ka letsoho la lengeloi le kileng la hlaha ho yena sehlahleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 “Moshe enwa, eo ba neng ba mo latole, ba re: ‘Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi?’ ke yena eo Modimo a mo romileng ka thuso ya lengeloi, le iponahaditseng sehlahleng, ho ba mmusi le molopolli.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

35 Moshe eo ba mo lahlileng, ba re: Ke mang ya o beileng mmusi le moahlodi? ke yena Modimo a mo romileng ho ba mmusi le molopolli ka letsoho la lengeloi le iponahaditseng ho yena sehlahleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Moshe eo ba mo lahlileng, ba re: Ke mang ya o beileng mmusi le moahlodi? ke yena Modimo a mo romileng ho ba mmusi le molopolli ka letsoho la lengeloi le iponahaditseng ho yena sehlahleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 7:35
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

empa ke Modimo o ahlolang: o kokobetsa e mong, mme e mong o mo phahamise.


Wa tsamaisa setjhaba sa hao jwalokaha ho tsamaiswa dinku, ka letsoho la Moshe le la Aarone.


Lengeloi la Modimo le eteletseng makgotla a Iseraele pele, la tloha, la tla ema kamora bona; mme topallo ya leru ya tloha kapele ho bona, ya fihla ya ema kamora bona.


Ka tebelo ya meso, Jehova a shadima lekgotla la Baegepeta a le topallong ya mollo le ya leru, mme a tsherehanya lekgotla la Baegepeta.


Eo a re: Ke mang ya o beileng morena le moahlodi wa rona? Na o rata ho mpolaya, jwalokaha o bolaile Moegepeta na? Yaba Moshe o a tshoha, a re: Ruri taba eo e a tsejwa.


Jwale, tloha, o ise setjhaba moo ke o boleletseng: Bona, lengeloi la ka le tla o etella pele; mme tsatsing leo ke otlang ka lona, ke tla ba otlela tshito ya bona.


Ke tla roma lengeloi le tla o etella pele, ke leleke Bakanana, le Baamore, le Bahethe, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse;


Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.


Ra howeletsa ho Jehova, a utlwa lentswe la rona. A roma lengeloi, mme a re ntsha Egepeta. Bona, re se re le Kadeshe, motse o pheletsong ya naha ya hao.


Haele hore bafu ba tla tsoha, hleka ha le a ka la bala bukeng ya Moshe, kamoo Modimo o buileng le yena kateng, sehlahleng, wa re: Ke nna Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo?


Empa batho ba motse wa hae ba ne ba mo hloile; ba roma manqosa mehlaleng ya hae, a reng: Ha re rate ha enwa a re busa.


Ba boela ba howa bohle, ba re: E seng yena; e mpe e be Barabase. Athe Barabase e ne e le sesenyi.


Empa ba howa, ba re: Mo tlose, mo tlose, mo thakgise! Pilato a re ho bona: Ke thakgise morena wa lona na? Baprista ba baholo ba araba, ba re: Ha re na morena, haese Sesare.


Ka baka leo, ntlo yohle ya Iseraele e ke e tsebe kannete, hobane Jesu eo le mo thakgisitseng, Modimo o mo entse Morena le Kreste.


Hobane Moshe o fela a boleletse bontata rona, a re: Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; le mo utlwe ditabeng tsohle tseo a tla le bolella tsona.


Modimo o mo phahamiseditse letsohong le letona la wona, hore e be yena Morena le Mmoloki ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


Eitse hobane ho fete dilemo tse mashome a mane, lengeloi la Morena la hlaha ho yena lefeelleng la thaba ya Sinai, kgabong ya mollo e sehlahleng.


Lona ba melala e thata, ba sa bollang dipelo le ditsebe, le hanela Moya o Halalelang kamehla; le tshwana le bontata lona.


Ke yena e leng setshwantsho sa Modimo o sa bonweng, letsibolo la tsohle tse hlodilweng.


Hobane ha esitile lentswe le boletsweng ka mangeloi le sa ka la lesa ho tiya, mme ho tlola le ho se utlwe hohle ha ba ha hlahelwa ke moputso o ho lekanang,


Mme ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: E meholo, e a babatseha, mesebetsi ya hao, Morena Modimo o matla wohle! Oho, Morena wa ditjhaba, ditsela tsa hao di lokile hakakang, ke nnete feela!


Haele bara ba bang ba Beliale, ba re: Motho eo a ka re namolela jwang? Ba mo nyedisa ke hona, ba se ke ba mo isetsa dinyehelo; a mpa a se ke a re letho.


Ya na ya re hobane Jakobo a fihle Egepeta, bontata lona ba ile ba hoeletsa ho Jehova, mme Jehova a roma Moshe le Aarone, ba ntsha bontata lona Egepeta, mme ba ba ahisa fatsheng lena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ