Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 7:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ke nna Modimo wa bontatao. Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o tshwarwa ke ho thothomela, mme a tshaba ho tadima.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 ‘Ke nna Modimo wa bo-ntatao, Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo.’ Yaba Moshe o a thothomela, o hloka le sebete sa ho shebisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

32 a re: Ke nna Modimo wa bontatao, Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo. Moshe a thothomela, a se be sebete ho tadima.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 a re: Ke nna Modimo wa bontatao, Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo. Moshe a thothomela, a se be sebete ho tadima.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 7:32
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o iponahatsa ho yena ka bona bosiu boo, a re: Ke nna Modimo wa Abrahama, ntatao; se tshabe, hobane ke na le wena; ke tla o hlohonolofatsa, ke atise ditloholo tsa hao ka baka la Abrahama, mohlanka wa ka.


Josefa a re ho banababo: Ke se ke ya shwa, mme Modimo o tla le etela ruri, a le ntshe naheng ena, a le ise naheng eo a hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona.


Elia ha a le utlwa, a ikgurumetsa sefahleho ka kobo ya hae; a tswela ntle, a ema monyako wa lehaha, a utlwa lentswe le mo tlela, le re: O etsang moo, Elia?


tshoho le thothomelo tsa nkwela hodimo, tshisimoho ya thekesedisa masapo a ka kaofela;


Modimo o tshabeha mokgatlong o moholo wa bahalaledi, o tshajwa ke bohle ba o teelang hare.


Modimo wa eketsa wa re ho Moshe: O tle o re ho bana ba Iseraele: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o nthomile ho lona. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, mme ke yona kgopotso ya ka melokong le melokong.


Yaba o re: Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o ipata sefahleho, kahobane o tshaba ho tadima Modimo.


Hape a re: O ke ke wa bona sefahlelo sa ka, hobane ha ho motho ya ka mponang, mme a phela.


Ke hore ba tle ba kgolwe hobane Jehova, Modimo wa bontata bona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o iponahaditse ho wena.


Barutuwa ha ba utlwa lentswe, ba wa ka difahleho tsa bona, ba tshohile haholo.


Nna, ke Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo; Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke wa ba phelang.


Ha ho a ka ha eba motho ya tsebileng ho mo araba letho, mme haesale mohlang oo, ha ho a ka ha hlola ho eba ya betileng pelo ho mmotsa.


Simone Petrose, eitse ha a bona hoo, a itihela maotong a Jesu, a re: Morena, tloha ho nna, hobane ke monna wa moetsadibe.


Modimo wa Abrahama, wa Isaaka, le wa Jakobo, Modimo wa bontata rona, o tlotlisitse mohlanka wa wona Jesu, eo le mo neetseng Pilato, la mo latola pela hae, leha yena a ne a ahlotse ho mo lokolla.


Moshe ha a bona mohlolo oo, a makala ke wona; a re a sa atamela ho tadimisisa, lentswe la Morena la mo tlela, la re:


Empa jwale, ba lakatsa lehae le fetisang ka molemo, e leng la lehodimo; ke ka baka leo Modimo o se nang dihlong tsa ho ipitsa Modimo wa bona; hobane o ba lokiseditse motse.


Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ