Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 6:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Empa ba bang ba sinagoge e bitswang ya Batlamolohi, le ba ya ba Sirene, le ba ya ba Aleksandria, le ba ya ba Silisia, le ba ya ba Asia, ba ema, ba fetolana le Setefane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Jwale ha hlaha ba bang ba ntlo ya thapelo e bitswang ya Balokollwa, e leng ba Sirene, le ba Alekesanderia, le ba tswang Silesia le Asia, ba phehisana kgang le Setefane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Yaba ho ema ba bang ba sinagoge e bitswang ya Balokolohi, le Bakirene, le Baaleksandria, le ba tswang Silisia le Asia, ba tsekisana le Setefane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Yaba ho ema ba bang ba sinagoge e bitswang ya Balokolohi, le Bakirene, le Baaleksandria, le ba tswang Silisia le Asia, ba tsekisana le Setefane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 6:9
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme le tsohele batho masene; hobane ba tla le isa kgotla, ba le shape masinagogeng a bona.


Ka baka leo, bonang, ke romela ho lona baporofeta, le ba bohlale, le bangodi; mme le tla bolaya ba bang, le thakgise ba bang difapanong, le shape ba bang masinagogeng a lona, le ba leleke motseng o mong le o mong;


Ha ba etswa, ba fumana monna wa Sirene, ya bitswang Simone, ba mo qobella hore a jare sefapano sa Jesu.


Tseo ke qalo ya tlokotsi. Empa lona le iponele: hobane ba tla le isa makgotleng le masinagogeng; le tla otlwa, le emiswe pela babusisi le marena ka baka la ka, le tle le be dipaki ho bona.


Empa pele ho tseo tsohle, ba tla le tshwara ka matsoho a bona, ba le hlorise, ba le hulanyetse masinagogeng le diteronkong, ba le ise pela marena le babusisi, ka baka la lebitso la ka.


Leha ho le jwalo, ba bang ho bona, e leng banna ba Sipera le ba Sirene, yare ha ba kena Antioke, ba bua le Bakgerike, ba ba bolella ditaba tsa Morena Jesu.


Baporofeta le baruti ba bang ba ne ba le teng Antioke, kerekeng ya teng Antioke, e le Barnabase, le Simone, ya reilweng Nigere, le Lusiuse, wa Sirene, le Manahene, ya neng a hodisitswe le Heroda moteterareke, le Saule.


Empa Bajuda yare ha ba bona bongata, ba tlala mona, ba hanyetsa ditaba tsa Pauluse, ba nganga, ba nyefola.


Ba ba ba ngola ka bona, ba re: Re le baapostola le baholo le baena, dumelang, lona baena ba ditjhaba tsa Antioke, tsa Siria, le tsa Silisia!


Mme a etela dinaha tsa Siria le tsa Silisia, a ntse a tiisa dikereke tsa teng.


Eitse hobane ba ye le Frigia le naha ya Galatia, Moya o Halalelang wa ba hanela ho bolela lentswe la Modimo Asia.


Mojuda e mong, ya bitswang Apolose, ya tswaletsweng Aleksandria, monna ya hlalefileng, ya tsebang Mangolo haholo, a fihla Efese.


Taba tseo tsa nna tsa eba jwalo ka dilemo tse pedi, bohle ba ahileng Asia ba ba ba utlwa lentswe la Morena Jesu, Bajuda le Bagerike.


Le a bona, le a utlwa, hoba Pauluse eo o se a kgodisitse batho ba bangata, e seng Efese feela, e batla ho ba Asia kaofela; o bile o ba kgelositse ka ho re, medimo e etswang ka matsoho hase medimo.


Eitse ha matsatsi a supileng a le lekgatheng la ho fela, Bajuda ba Asia ba mmona tempeleng; yaba ba tsosa bongata bohle, ba mo tshwara,


Pauluse a re: Nna, ke Mojuda, motala wa Tarese, motse wa Silisia o tumileng. Ke a o kopa, o ntese, ke bue le setjhaba.


Ka re: Morena, ba tseba haholo hobane ke nna ya neng a kenya teronkong, a shapa le masinagogeng ba dumetseng ho wena.


Yaba o re: Nna, ke Mojuda, ya tswaletsweng Tarese wa Silisia; ke mpa ke holetse motseng wona maotong a Gamaliele; ka rutwa ka mokgwa o fetisisang ho ya ka molao wa bontata rona, ka ba le tjheseho ho Modimo jwaloka lona kaofela kajeno.


Eitse hobane mmusisi a le bale, a mmotsa hoba ke wa naha efe ya Roma; ha a utlwile hoba ke wa Silisia,


Ke moo Bajuda ba bang ba Asia ba mphihletseng tempeleng ke itlhwekisitse, e seng ka ho tsobokanya batho, leha e le ka lerata.


Masinagogeng wohle hangata ka ba tsohela matla, ka ba otla, ka ba qophella hore ba nyefole; mme kahobane ke ne ke ba halefetse haholoholo, ka ba hlorisa le ho isa metseng ya ditjhaba.


Ba mpa ba sitwa ho hanyetsa bohlale ba hae le Moya oo a buang ka wona.


Ya bohlale o kae na? Ya matla Mangolong o kae na? Mopheakgang wa mehla ena o kae na? Na Modimo ha o a ka wa etsa bohlale ba lefatshe lena bohlanya na?


Yaba ke ya mafatsheng a Siria le a Silisia.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ