Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 6:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Setefane o ne a tletse tumelo le matla, mme o ne a etsa mehlolo le meeka e mengata hara setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Setefane, monna ya nang le dineo tse ngata le matla a maholo, a etsa dimakatso le mehlolo e meholo hara setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Setefane, a tletse tumelo le matla, a etsa mehlolo e meholo le meeka hara batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Setefane, a tletse tumelo le matla, a etsa mehlolo e meholo le meeka hara batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 6:8
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jesu o re ho yena: Ha le sa bone mehlolo le meeka, ha le ke le dumela.


Ba mpa ba sitwa ho hanyetsa bohlale ba hae le Moya oo a buang ka wona.


Mme bohle ba dutseng kgotla ha ba mo hlaba ka mahlo, ba bona sefahleho sa hae se le jwaloka sefahleho sa lengeloi.


Ha ho le jwalo, lona banababo rona, a le ke le kgetheng banna ba supileng hara lona, e leng ba tshepjwang, ba tletseng Moya o Halalelang le hlalefo, bao re ka ba beang tshebeletsong eo.


Polelo eo ya kgahlisa barutuwa bohle, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Prokore, le Nikanore, le Timone, le Parmena, le Nikola, moporoselite wa Antioke.


Empa Setefane a tlala Moya o Halalelang, a lelala hodimo, a bona kganya ya Modimo, le Jesu a eme letsohong le letona la Modimo.


Bongata ba eba pelo e le nngwe ho mamela tse bolelwang ke Filipi, ha bo utlwa, mme bo bona mehlolo eo a e etsang.


Mme esale yena ya beileng ba bang baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba Evangeli, ba bang badisa le baruti,


Hobane ba sebeditseng tsa bohlanka boo hantle, ba ithuetse boholo bo molemo, le bonatla bo boholo tumelong e ho Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ