Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 5:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Baapostola ba tloha kgotla, ba thabile kahobane ba entswe ba tshwanelwang ke ho hlabiswa dihlong ka baka la lebitso la Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

41 Ha e le baapostola, ba tloha kgotla ba nyakaletse, hobane ba fumanwe ba lokelwa ke ho tlontlollwa ka baka la lebitso la Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

41 Yaba bona ba tloha kapele ho lekgotla, ba thabile hobane ba ne ba kailwe ba tshwanela ho hlomphollwa ka baka la lebitso la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Yaba bona ba tloha kapele ho lekgotla, ba thabile hobane ba ne ba kailwe ba tshwanela ho hlomphollwa ka baka la lebitso la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 5:41
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mmameleng, lona ba tsebang ho loka, lona batho ba nang le molao wa ka dipelong tsa lona; le se ke la tshaba nyatso ya batho, le se ke la tshoha ditshomo tsa bona.


Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


Bonang, bahlanka ba ka ba tla bina ka baka la thabo ya dipelo tsa bona, empa lona le tla lliswa ke bohloko ba pelo, le bokolle ke moya o swabileng.


Mamelang lentswe la Jehova, lona ba thothometswang ke lentswe la hae. Banababo lona ba le hloileng, ba le lelekisang ka baka la lebitso la ka, ba re: Jehova a ke a hlahise kganya ya hae, re tle re bone thabo ya lona! Empa ba tla swaba.


Le tla ba le lehlohonolo mohla batho ba le hloyang, ba le kgethang, ba le hlapaolang, mme ba lahla lebitso la lona jwaloka eka le lebe, ka baka la Mora motho.


Empa ba tla le etsa tsohle tseo ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe ya nthomileng.


Pauluse a mpa a araba, a re: Le etsang ha le lla jwalo, le ho tepeletsa pelo ya ka? Athe ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa e le le ho shwela lebitso la Morena Jesu Jerusalema.


Yare ha ba utlwa tseo, ba kena tempeleng ha bo esa, ba ruta. Empa moprista e moholo le ba nang le yena ba fihla, ba phutha lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele; yaba ba romela teronkong ho ya lata baapostola.


Hase hoo feela, empa re ithorisetsa le matshwenyehong, re tswe re tseba hobane tshwenyeho e hlahisa mamello,


Ke ka baka leo ke ithatelang mefokolong, le dinyefolong, le bohloking, le dihlorisong, le mahlomoleng, ka baka la Kreste; hobane mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.


Hobane ka baka la Kreste le neilwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho yena, e leng le la ho utlwiswa bohloko ka baka la hae.


Hobane le kile la hlomohela ba ditlamong, mme le dumetse ka thabo ha ntho tsa lona di tlatlapuwa, la itsebela hobane le na le moruo o fetisang, o sa tloheng.


re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.


Banabeso, le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlahelwa ke meleko e mengata;


Hobane ba tsamaile ka baka la lebitso la wona, ba sa amohele letho ho baditjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ