Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 5:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 A ba a bua, a re: Bana ba Iseraele, iponeleng bakeng sa batho bao hore na le tla etsa eng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 A nto re ho lekgotla: “Banna ba Iseraele, hlokomelang seo le hopotseng ho se etsa ho banna bana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

35 A re ho bona: “Banna ba Iseraele, iponeleng ka seo le rerang ho se etsa mabapi le banna bana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 A re ho bona: “Banna ba Iseraele, iponeleng ka seo le rerang ho se etsa mabapi le banna bana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 5:35
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ana Esekiase, morena wa Juda, le Juda kaofela, ba kile ba mmolaya na? Na ha a ka a tshaba Jehova, a ikwahlaya pela Jehova, Jehova a ba a bakela bobe boo a neng a bo boletse bakeng sa bona na? Haele rona, re be re tla etsetsa meya ya rona bobe bo bokakang!


Yare ha a sa dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a romela ho yena, a re: O se ke wa ba le taba, leha e le e nngwe, le motho eo ya lokileng; hobane ke utlwile bohloko bo boholo ka baka la hae, ha ke lora kajeno.


Haele mona ditaba tseo di se na ho latolwa, e ka kgona le kgutse lerata, mme le se ke la etsa letho ka potlako.


Yare ha molaodi wa lekgolo a utlwa hoo, a ya bolella molaodi wa sekete, a re: O iponele ho seo o ya se etsa; hobane motho eo ke Moroma.


Empa mofarisi e mong, ya bitswang Gamaliele, moruti wa molao ya roriswang ke setjhaba kaofela, a ema hara lekgotla, a laela hore baapostola ba ntshetswe ntle motsotswana o se okae.


Hobane kgajana ho ile ha hlaha Theudase, a ipolela hore ke motho e moholo; a latelwa ke batho ba batlileng ho ba makgolo a mane; a mpa a bolawa; mme bohle ba kgotsweng ke yena ba fatakanngwa, ba fela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ