Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 5:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Yare ha ba lekgotla ba utlwa tseo, ba tlalwa ke dipelo, mme ba ne ba rata ho ba bolaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Ha lekgotla le utlwa, la hlabeha haholo, mme la rera ho ba bolaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

33 Eitse ha ba utlwa hoo, ba hlabeha dipelo, mme ba rera ho ba bolaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Eitse ha ba utlwa hoo, ba hlabeha dipelo, mme ba rera ho ba bolaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 5:33
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Josefa, monna wa hae, kahobane e le motho ya lokileng, mme a sa rate ho mo hobosa, a hopola ho mo lahla ka sephiring.


Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, le ntata motho a etse ngwana hae jwalo; bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.


Ho a lekana ha morutuwa a etswa jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Ha ba bitsitse mong a ntlo Beelsebule, ba ntlo ya hae ba tla bitswa jwalo ho fetisa hakakang!


Mohlang oo, le tla neelwa ho tshwenngwa, le tla bolawa, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka.


Baprista ba baholo le bangodi ba batla ho isa matsoho ho yena ka yona nako eo, empa ba tshaba batho; hobane efela ba ne ba tsebile hoba o lekantse bona ka setshwantsho seo.


Ba tlala bohale, mme ba rera hammoho seo ba tla se etsa ho Jesu.


Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ha ke ne ke re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lona; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona.


Ba tla le leleka masinagogeng; esita le nako e a tla, eo e mong le e mong ya le bolayang a tla hloma eka o sebeletsa Modimo.


Eitse ha ba utlwa hoo, ba hlajwa dipelo, mme ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: Banna ba heso, re tla etsa jwang?


Ba mo mamela ho fihla polelong eo; empa jwale, ba phahamisa mantswe a bona, ba re: Motho ya jwalo a tloswe lefatsheng; hobane ha a tshwanela ho phela.


Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba tlalwa ke dipelo, mme ba mo tsikitlanyetsa meno.


Kamora tsiu tse ngatanyana, Bajuda ba rera ho mmolaya;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ