Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 5:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Moprista e moholo, le molebedi wa tempele, le baprista ba baholo, yare ha ba utlwa dipolelo tseo, ba makala ke bona, ba re: Taba eo e tla fella kae?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Ha molaodi wa Tempele, le baprista ba baholo ba utlwa mantswe ana, ba ipotsa hore na ntho ena ya baapostola e tla fella kae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Yare ha moprista e moholo, le molaodi wa tempele, le baprista ba baholo ba utlwa taba tseo, ba belaela ka bona hore na hoo ho tla ba jwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Yare ha moprista e moholo, le molaodi wa tempele, le baprista ba baholo ba utlwa taba tseo, ba belaela ka bona hore na hoo ho tla ba jwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 5:24
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


A ya ho baprista ba baholo, le ho balaodi ba makgotla, ho rera le bona kamoo a tla ba neela yena kateng.


Yaba Jesu o bolella baprista ba baholo, le balaodi ba tempele, le baholo ba tlileng ho mo tshwara, a re: Le tlile ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka le batla leshodu!


Bafarisi ba bolellana ke hona, ba re: Lemohang hobane ha le thuse letho; bonang, lefatshe lohle le mo setse morao.


Ba ne ba hlollwa bohle, ba nahana, ba botsana, ba re: Na taba eo ekaba keng?


Yare ba sa bua le batho, baprista ba fihla ho bona, ba ena le molaodi wa tempele le basadusi,


Jwale, ba ba lokolla ba ntse ba ba sokela, ba sa bone kamoo ba ka ba otlang kateng ka baka la setjhaba; hobane bohle ba ne ba tlotlisa Modimo ka baka la se entsweng.


ba re: Re fihletse teronko e kwetswe hantle, le balebedi ba eme pela menyako; empa hobane re bule, ha re a ka ra fumana motho ka teng.


Ke ha ho fihla e mong, a ba tsebisa, a re: Banna bao le ba kentseng teronkong, ke bane, ba eme tempeleng, ba ruta setjhaba.


Yaba molebedi wa tempele le bahlanka ba lekgotla ba ya, ba ba tlisa, empa e seng ka matla, kahobane ba ne ba tshaba ho tlepetswa ka majwe ke setjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ