Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 5:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Yare ha ba utlwa tseo, ba kena tempeleng ha bo esa, ba ruta. Empa moprista e moholo le ba nang le yena ba fihla, ba phutha lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele; yaba ba romela teronkong ho ya lata baapostola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Ha ba utlwile, ba kena ka Tempeleng e sa le hoseng, mme ba ruta. Ha Moprista e Moholo le ba nang le yena ba fihla, ba bitsa lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele, mme ha romelwa tjhankaneng hore ho yo latwa baapostola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Eitse ha ba utlwa hoo, ba kena tempeleng e sa le kameso, ba ruta. Yaba moprista e moholo le ba nang le yena ba fihla, ba bokella lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele, ba romela tjhankana hore ba tliswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Eitse ha ba utlwa hoo, ba kena tempeleng e sa le kameso, ba ruta. Yaba moprista e moholo le ba nang le yena ba fihla, ba bokella lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele, ba romela tjhankana hore ba tliswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 5:21
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hore a tle a tlame mahosana a hae kamoo a ratang kateng, a rute matona a hae bohlale.


Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya halefelang ngwanabo feela, o tla tshwanelwa ke kahlolo; ya reng ho ngwanabo: Raka, o tla tshwanelwa ke kahlolo ya lekgotla; mme ya reng ho yena: O lehlanya, o tla tshwanelwa ke mollo wa dihele.


Eitse hobane bo se, baholo ba setjhaba, le baprista ba baholo, le bangodi, ba bokana, mme ba mo isa lekgotleng la bona.


Pilato a araba, a re: Na ke Mojuda, na? Setjhaba sa heno le baprista ba baholo ba o neetse nna; o entseng?


Kameso, a boela a ya tempeleng; yaba batho ba tla ho yena kaofela; mme a dula, a ba ruta.


Hobane o tla ba paki ya hae pela batho bohle, ho tiisa tseo o di boneng, le tseo o di utlwileng.


kamoo le yena moprista e moholo a ka pakang kateng, le phutheho ya baholo kaofela; hobane ke ne ke nke le mangolo ho bona, ho a isa ho ba heso ba Damaseka, ka ba ka ya teng ho tlama ba thuto eo ba ahileng teng, le ho ba tlisa Jerusalema, hore ba otlwe.


Yaba moprista e moholo o a ema, le bohle ba nang le yena, e leng ba thuto ya basadusi, ba tletse mona;


Eitse hobane ba ba tlise, ba ba emisa hara lekgotla, mme moprista e moholo a ba botsa,


Empa mofarisi e mong, ya bitswang Gamaliele, moruti wa molao ya roriswang ke setjhaba kaofela, a ema hara lekgotla, a laela hore baapostola ba ntshetswe ntle motsotswana o se okae.


Baapostola ba tloha kgotla, ba thabile kahobane ba entswe ba tshwanelwang ke ho hlabiswa dihlong ka baka la lebitso la Jesu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ