Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 5:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Empa lengeloi la Morena la bula menyako ya teronko bosiu, la ba ntsha, la re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Empa bosiu lengeloi la Morena la bula menyako ya tjhankana, la ba ntsha, la re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Empa bosiu lengeloi la Morena la bula menyako ya teronko, la ba ntsha, la re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Empa bosiu lengeloi la Morena la bula menyako ya teronko, la ba ntsha, la re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 5:19
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ahlolela ba tujwang, o fa ya lapileng bohobe. Jehova o lokolla batshwaruwa;


Lengeloi la Jehova le lara pela ba mo tshabang, le a ba boloka.


Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;


Nebukadnesare a bua, a re: Ho roriswe Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, o romileng lengeloi la wona wa boloka bahlanka ba wona ba o tshepileng, ba tlotseng taelo ya morena, ba tedileng mmele ya bona, hore ba tle ba se ke ba sebeletsa, ba rapela modimo o mong haese Modimo wa bona!


Empa, eitse ha a sa hopotse teng, lengeloi la Morena la mo hlahela ka toro, la re: Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria, mosadi wa hao, hobane se emotsweng ke yena, ke sa Moya o Halalelang.


Yare Josefa ha a tsoha borokong, a etsa kamoo lengeloi la Morena le mo laetseng kateng; a inkela mosadi wa hae;


Ha ba se ba tlohile, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, mme o dule teng, ke tle ke be ke o bolelle; hobane Heroda o tla batla ngwana ho mmolaya.


Empa, eitse hobane Heroda a shwe, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, Egepeta, la re:


Tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; hobane lengeloi la Morena la theoha lehodimong, la tla, la phikolosa lejwe le neng le le monyako, la ntoo dula hodima lona.


Yaba lengeloi la Morena le ipontsha ho Sakaria, le eme lehlakoreng le letona la aletare ya dibano.


Jwale hang, lengeloi la Morena la ba hlahela, kganya ya Morena ya ba teela hare, mme ba tshaba ka tshabo e kgolo.


A bona mohlolo ka hora ya boroba mono o le mong, a bontshisa lengeloi la Morena le etla ho yena, mme la re ho yena: Kornele!


Empa lengeloi la Morena la phakisa la mo otla, kahobane ha a ka a busetsa letlotlo ho Modimo: a jewa ke diboko, a ba a shwa.


Mme hang tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, metheo ya teronko ya ba ya sisinyeha; hanghang menyako kaofela ya bulwa, mme mahlaahlela a bohle a lokoloha.


Hobane lengeloi la Modimo, oo ke leng wa wona, oo ke o sebeletsang, le itlhahisitse ho nna bosiung bona,


Yaba lengeloi la Morena le bolella Filipi, la re: Tloha, o ye nqa borwa, tseleng e tswang Jerusalema, e yang le Gasa, e leng e sa tsamauweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ