Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 5:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mehlolo e mengata le meeka e mengata e ne e etswa hara setjhaba ka matsoho a baapostola; mme bohle ba ne ba phuthehela mathuleng a Salomone, ba le pelo e le nngwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ka matsoho a baapostola ha etswa mehlolo le dimakatso tse ngata hara setjhaba. Badumedi bohle ba phuthehela lethuleng la Solomone ba le maikutlo a le mang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Mehlolo le meeka e mengata ya etswa hara setjhaba ka matsoho a baapostola; ’me kaofela ba ne ba le mathuleng a Salomone ka tumellano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Mehlolo le meeka e mengata ya etswa hara setjhaba ka matsoho a baapostola; ’me kaofela ba ne ba le mathuleng a Salomone ka tumellano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 5:12
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ntse o porofetelang ka lebitso la Jehova, o re: Ntlo ena e tla ba jwaloka Silo, le motse wona o tla senngwa, o be o hloke moahi? Yaba setjhaba kaofela se bokanela Jeremia ka tlung ya Jehova.


Haele bona, ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo o le felehetsang.]


Jesu o ne a itsamaela tempeleng, mathuleng a Salomone.


Yaba Jesu o re ho yena: Ha le sa bone mehlolo le meeka, ha le ke le dumela.


Bao bohle ba nna ba tiisetsa ka pelo e le nngwe ho rapela le ho kopa, ba ena le basadi, le Maria, mma Jesu, le banababo.


Leha ho le jwalo, ba hlola teng matsatsi a mangata, ba bolela ba itshepisitse ka Morena, ya neng a tiisa lentswe la mohau wa hae ka ho etsa mehlolo le meeka ka matsoho a bona.


A etsa jwalo ka matsatsi a mangata; empa Pauluse ha a kgathetse ke hona, a reteleha, a re ho moya: Ke o laela ka lebitso la Morena Jesu Kreste hore o tswe ho yena. Yaba o tswa ka yona nako eo.


Modimo wa nna wa etsa mehlolo e makatsang ka matsoho a Pauluse.


Ba ne ba tiisetsa tempeleng ka matsatsi wohle, ba le pelo e le nngwe; enereha ba etswa tlung e nngwe, ba ne ba kena ho e nngwe, ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ne ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka dipelo tse monate,


Tseo ha di le jwalo, bohle ba sehlekehlekeng ba kulang ba tla, mme ba fodiswa.


Mme kahobane seritsa se fodisitsweng se ne se tshwere Petrose le Johanne ka letsoho, batho kaofela hammoho ba ba mathela mathuleng a bitswang a Salomone, ba maketse haholo.


Mme o otlolle letsoho la hao ho fodisa batho, le ho etsa meeka le mehlolo ka lebitso la Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang.


A fihlela monna teng, ya bitswang Enea, a sekame diphateng e se e le dilemo tse robileng meno e le mmedi; o ne a omeletse ditho.


Petrose a re, ba ke ba tswele ntle kaofela; yaba o kgumama ka mangwele, a rapela, a ntoo retelehela ho setopo, a re: Tabitha, tsoha! Yaba eo o tutubolla mahlo, mme ha a bona Petrose, a dula.


ka matla a mehlolo le a meeka, le ka matla a Moya wa Modimo; ke bile ka hasa Evangeli ya Kreste, ho qala ka Jerusalema le mathoko a yona ho ya qetella ka Iliria.


Ruri, haele dipontsho tsa baopostola ba ka, di sebeditswe ka matla hara lona, ka mamello yohle, ka dipontsho, ka meeka, le ka mehlolo.


ha Modimo o ntse o omela hammoho le bona ka dipontsho, le meeka, le diketso tse ngata tse matla, le ka dineo tse ajwang ke Moya o Halalelang, kamoo o ratang kateng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ