Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 5:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme tshabo e kgolo ya tshwara kereke kaofela le bohle ba utlwileng taba tseo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Kereke yohle le bohle ba utlwileng tsena ba tshoha haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Tšabo e kholo ea oela phutheho eohle le bohle ba utloang taba tseo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Tšabo e kholo ea oela phutheho eohle le bohle ba utloang taba tseo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 5:11
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo o tshabeha mokgatlong o moholo wa bahalaledi, o tshajwa ke bohle ba o teelang hare.


Ke tla etsa selekane se sa feleng le bona, sa hore nke ke ka ba furalla, ke nne ke ba etse hantle; ke tla bea tshabo ya ka dipelong tsa bona, ba tle ba se ke ba nkwenehela.


Taba eo ya tsejwa ke Bajuda kaofela le Bagerike ba ahileng Efese; ba welwa bohle ke tshabo, mme lebitso la Morena Jesu la tlotliswa.


Tshabo ya wela batho bohle, mme mehlolo le meeka e mengata ya nna ya etswa ke baapostola.


Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ao, a wela fatshe, a shwa; mme bohle ba utlwileng taba tseo, ba tshwarwa ke tshabo e kgolo.


Jwale, dikereke di ne di dutse ka kgotso kahohle Judea, le Galelea, le Samaria; di ne di hahiswa, di tsamaya ka tshabo ya Morena; mme di ne di anafala ka tshediso ya Moya o Halalelang.


Baratuwa ba ka, jwalokaha le bile le kutlo kamehla, le fele le sebetse polokeho ya lona ka tshabo le ka thothomelo, e seng feela ha ke le ho lona, empa haholoholo leha ke le siyo;


Ka tumelo, Nowe, eitse hobane a tsebiswe ke Modimo tse esong ho bonahale, o kile a tshaba Modimo, mme a haha areka ho pholosa ba ntlo ya hae, mme ka tumelo eo o tswile lefatshe, le hona a etswa mojalefa wa ho loka ho leng ka tumelo.


Iponeleng, hore e mong a se ke a haellwa ke mohau wa Modimo, monoko o mahloko o se ke wa le hlahela, wa tla wa le ferekanya, mme ba bangata ba senyeha ke wona.


Ka baka leo, haele moo re amohetse mmuso o sa sisinyeheng, a re ke re be le teboho eo re sebeletsang Modimo ka yona ka mokgwa o o khahlisang, ka hlompho le ka tshabo;


A re tshabeng ke hona, haele moo pallo ya ho kena phomolong ya wona e sa le teng, esebe e mong wa rona a ka bonahala hoba eka o haeletswe ke yona.


Mme ha le bitsa Ntata lona eo e leng ya ahlolang e mong le e mong ka mesebetsi ya hae, e seng ka tshobotsi, le tsamaye ka tshabo mehleng ya ho hlola ha lona lefatsheng;


Ya sa tlo o tshaba ke ha e le mang, Morena? Ya sa tlo tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ya halalelang ke wena o nnotshi. Mme ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame maotong a hao, kahobane dikahlolo tsa hao di beilwe pepeneneng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ