Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 4:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 “Ruri, motseng ona, Heroda le Pontiuse Pilato, le baditjhaba, le merabe ya Iseraele, ba kopane ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Hobane kannete Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le setjhaba sa Iseraele, ba bokanetse Jesu, Mora wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Hobane kannete Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le setjhaba sa Iseraele, ba bokanetse Jesu, Mora wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 4:27
53 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na ho ka ntshuwa motho ya hlwekileng mothong ya ditshila? Le hanyenyane.


Motho keng, hore a hlweke, le ya tswetsweng ke mosadi keng, hore a loke?


Le jwale, motho a ka loka jwang pela Modimo? Ngwana wa mosadi a ka hlweka jwang na?


Marena a lefatshe a phuthehetseng, le mahosana a bokanetseng ho tsohela Jehova le motlotsuwa wa hae matla?


o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!


O rata ho loka, mme o hloile bokgopo. Ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya nyakallo ho fetisa balekane ba hao.


Hleka ha o a ka wa utlwa hobane kgale ke entse taba eo, ke e rerile mehleng ya boholoholo na? Jwale, ke a e hlahisa, le wena o mona hore o fedise metse e marako, o e fetole diqubu tsa dithako.


Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.


O nyatsitswe, a furallwa ke batho; ke motho wa mahloko, ya tsebang mahlomola, ya tshwanang le eo batho ba tshabang ho tadimana le yena; re mo nyatsitse, ha re a ka ra re letho ka yena.


Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;


Mehleng eo, Heroda moteterareke a utlwa botumo ba Jesu.


Efela Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filippi moenae.


Empa moketeng wa tsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa tjhao pontsheng eo bohle, a kgahlisa Heroda.


Empa le reng ka taba ena? Motho o ne a na le bara ba babedi; a ya ho wa pele, a re ho yena: Mora ka, eya, o sebetse kajeno tshimong ya ka ya merara.


Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne.


Eitse hobane ba mo tlame, ba ya le yena, ba mo neela Ponse Pilato, mmusisi.


a re: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora motho o tla neelwa baprista ba baholo le bangodi, mme ba tla mo ahlolela lefu, ba mo neele baditjhaba.


Ka mokgwa o jwalo, le bona baprista ba baholo ba buisana le bangodi ka ditshomo hodima hae, ba re: O pholositse ba bang, yena o sitwa ho ipholosa!


Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kgurumetsa; ka baka leo, ho halalelang ho tla tswalwa ke wena ho tla bitswa Mora Modimo.


Banna ba tshwereng Jesu ba ne ba mo soma, mme ba mo otla.


Jwale ba phuthehileng kaofela ba ema, ba mo isa ho Pilato.


Moya wa Morena o ho nna, kahobane o ntlotsitse; o nthomile ho bolella mafutsana Evangeli, ho fodisa ba pelo tse bohloko, ho bolella ba holehilweng hore ba tla lokollwa, le ba foufetseng hore ba tla boela ba bone, ho nea ba hloriswang sebaka sa ho ikela,


a re: E ka kgona Mora motho a utlwe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le ke bangodi, a bolawe, a ntoo tsoha bafung ka letsatsi la boraro.


Le ne le tle habo lona, mme ba habo lona ha ba ka ba le amohela.


haele nna ya halaleditsweng, ya romilweng lefatsheng ke Ntate, le ka bolela jwang, la re, ke a nyefola, ha ke itse, ke Mora wa Modimo?


Jwale, ba tloha ho Kaiafa; ba isa Jesu kgotla; e ne e le kameso; empa bona ha ba ka ba kena kgotla ka sebele sa bona, hore ba tle ba se ke ba itshilafatsa, ba tle ba tsebe ho ja Paseka.


Ka baka leo, Pilato a tswela ho bona, a re: Na le qosa motho eo ka dife?


Empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakore ka lerumo, yaba madi le metsi a phakisa a tswa ho lona.


kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena.


Hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka nqalong ya bafu; mokgethwa wa hao o ke ke wa mo lesa hore a bone ho bola.


Mme o otlolle letsoho la hao ho fodisa batho, le ho etsa meeka le mehlolo ka lebitso la Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang.


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ