Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 4:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Marena a lefatshe a phuthehile, le baholo ba kopane hammoho ho lwantsha Morena le Motlotsuwa wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto, le babusi ba kopane hammoho ho lwantsha Morena le Motlotsuwa wa hae.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Marena a lefatshe a ema, le babusi ba phuthehela ho lwantsha Morena le Motlotsuwa wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Marena a lefatshe a ema, le babusi ba phuthehela ho lwantsha Morena le Motlotsuwa wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 4:26
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na ditjhaba di dumadumelang, mme batho ba rerelang tsa lefeela?


Marena a lefatshe a phuthehetseng, le mahosana a bokanetseng ho tsohela Jehova le motlotsuwa wa hae matla?


Morena Jehova o re: Taba eo e ke ke ya etsahala, e ke ke ya hlaha.


Veke di mashome a supileng tse badilweng hodima setjhaba sa heno, le hodima motse wa heno o halalelang, ho kwalla bobe, le ho fedisa sebe, le ho phekola bokgopo, le ho hlahisa ho loka ho sa feleng, le ho tiisa pono le boporofeta, le ho tlotsa sehalaledisiso.


Moya wa Morena o ho nna, kahobane o ntlotsitse; o nthomile ho bolella mafutsana Evangeli, ho fodisa ba pelo tse bohloko, ho bolella ba holehilweng hore ba tla lokollwa, le ba foufetseng hore ba tla boela ba bone, ho nea ba hloriswang sebaka sa ho ikela,


kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena.


o ratile ho loka, mme o hloile bokgopo; ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao o o tlotsitse ka ole ya nyakallo kahodima bohle ba nang le kabelo le wena.


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


Jwale ka utlwa lentswe le leholo lehodimong, le re: Jwale, ho hlahile poloko, le matla, le mmuso wa Modimo wa rona, le matla a Kreste wa wona; hobane moqosi wa banababo rona, ya neng a ba qosa pela sefahleho sa Modimo motshehare le bosiu, o dihetswe.


Hobane Modimo o kentse dipelong tsa bona ho phetha morero wa wona, le ho dumellana, le ho neela sebata mebuso ya bona, dipolelo tsa Modimo di tle di be di phethehe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ