Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 4:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Eitse hobane ba lokollwe, ba kgutlela ho ba habo, ba ba tsebisa tsohle tseo ba di boleletsweng ke baprista ba baholo, le ke baholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Ha Petrose le Johanne ba se ba lokolotswe, ba ya ho ba sehlopha sa bona, ba se tsebisa tsohle tseo baprista ba baholo, le baholo ba setjhaba ba di buileng ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Eitse hobane ba lokollwe, ba kgutlela ho ba habo, ba bolela tsohle tseo baprista ba baholo le baholo ba di buileng ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Eitse hobane ba lokollwe, ba kgutlela ho ba habo, ba bolela tsohle tseo baprista ba baholo le baholo ba di buileng ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 4:23
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tlwaelane le bohle ba o tshabang, le ba bolokang ditemoso tsa hao.


Bakgethehi ba lefatsheng, banna ba borapedi ba sebele, ke bao ke kgahlwang ke bona.


Moya wa ka o idibana kahare ho nna, ha ke hopola kamoo ke neng ke ya le setjhaba kateng, ke se eteletse pele ho ya ka tlung ya Modimo, hara dipina tsa nyakallo le difela tsa setjhaba se itlelang meketeng e phahameng.


Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.


Yaba ba tshabang Jehova ba buisana hammoho, e mong le e mong le ngwanabo, mme Jehova a theetsa tsebe, a mamela; buka ya kgopotso ya ngolwa pela hae, ya ngollwa ba tshabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.


Yare hobane ba tswe teronkong, ba ya ha Lidia, ba tshedisa baena; ba ntoo tloha.


Etswe motho eo mohlolo oo wa phodiso o neng o entswe hodima hae, dilemo tsa hae di ne di se di feta mashome a mane.


Bao, ha ba utlwa tseo, ba phahamisetsa mantswe a bona ho Modimo ka pelo e le nngwe, ba re: Oho, Morena, ke wena Modimo o entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le tsohle tse ho wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ